Sesotho Luke 2:1-20

Mehleng eo, ha hlaha taelo ya Sesare Augusto, e reng, ho ngolwe palo ya baahi ba lefatshe lohle. Palo eo ke ya pele, ya etswa Kuirine e le mmusisi wa Siria. Yaba batho bohle ba ya ho ngolwa, e mong le e mong motseng wa habo. Josefa le yena a tloha Galelea, motseng wa Nasaretha, a ya Judea, motseng wa Davida, o bitswang Bethlehema, etswe e ne e le motho wa ntlo ya Davida le wa leloko la hae; ba ya ho ngolwa le Maria, mosadi eo a mo lebeleditseng, e neng e le moimana. Ba sa le moo, matsatsi a ho beleha ha hae a phetheha; a beleha mora wa hae wa letsibolo; a mo phuthela maseleng, mme a mo robatsa sejelong, kahobane ho ne ho se sebaka sa bona tlung ya baeti. Ho ne ho le badisa naheng eo, ba phelang metebong, ba lebetse mehlape ya bona bosiu. Jwale hang, lengeloi la Morena la ba hlahela, kganya ya Morena ya ba teela hare, mme ba tshaba ka tshabo e kgolo. Lengeloi la re ho bona: Se tshabeng, hobane bonang, ke le bolella thabo e kgolo, e monate, eo e tla ba ya setjhaba kaofela; ke ho re, kajeno, le tswaletswe Mmoloki, motseng was Davida; ke Kreste, Morena. Seo e tla ba pontsho ho lona, le tla fihlela lesea le phuthetsweng, le robaditsweng sejelong. Yaba bongata ba makgotla a lehodimo bo phakisa bo eba le lengeloi leo, ba boka Modimo, ba re: Kganya e be ho Modimo mahodimong a hodimo, kgotso e be lefatsheng ho batho bao o kgahlwang ke bona. Eitse hobane mangeloi a ba tlohele ho kgutlela lehodimong, badisa ba buisana, ba re: A re hle re yeng Bethlehema, re tle re bona taba eo e hlahileng teng, eo Morena a re tsebisitseng yona. Yaba ba phakisa ba eya, ba fihlela Maria, le Josefa, le lesea le robaditsweng sejelong. Eitse hobane ba le bone, ba bolela kahohle taba tsa ngwana, tseo ba di boleletsweng. Bohle ba utlwang, ba makala ke ditaba tseo ba di bolellwang ke badisa. Haele Maria, a boloka ditaba tseo tsohle, a di nahana pelong ya hae. Badisa bona ba kgutla, ba ntse ba rorisa Modimo, ba o boka ka baka la tsohle tseo ba di utlwileng, le tseo ba di boneng, kamoo ba di boleletsweng kateng.