Jwale lona, rapelang jwalo, le re:

Ntata rona ya mahodimong,
lebitso la hao a le ke le kgethehe;
ho tle mmuso wa hao;
thato ya hao e etswe lefatsheng,
jwalokaha e etswa lehodimong;
o re fe kajeno bohobe ba rona ba tsatsi le leng le le leng;
o re tshwarele melato ya rona,
jwalokaha re tshwarela ba nang le melato ho rona;
o se ke wa re isa molekong;
o mpe o re lwele ho e mobe;
(hobane mmuso ke wa hao, le matla, le kganya ka ho se feleng.)
Amen!