Johanne 1

Lentswe le entsweng nama.

1 Lentswe le ne le le tshimolohong, mme Lentswe le ne le le ho Modimo, mme Lentswe e ne e le Modimo. 2 Le ne le le ho Modimo tshimolohong. 3 Dintho tsohle di entswe ke lona, mme hara dintho tse leng teng, ha ho letho le entsweng kantle ho lona. 4 Bophelo bo ne bo le ho lona, mme bophelo e ne e le lesedi la batho. 5 Mme lesedi le kganya lefifing, mme lefifi ha le a ka la le amohela. 6 Monna a hlaha, a romilwe ke Modimo, lebitso la hae e le Johanne. 7 Eo a tla ho ba paki, hore a pake tsa lesedi, bohle ba tle ba dumele ka yena. 8 E ne e se yena lesedi, empa o ne a romilwe hore a tle ho paka tsa lesedi. 9 E ne e le lona lesedi la nnete, le bonesetsang motho e mong le e mong ya hlahang lefatsheng. 10 Le ne le le lefatsheng, mme lefatshe le hlahile ka lona, mme lefatshe ha le a ka la le tseba. 11 Le ne le tle habo lona, mme ba habo lona ha ba ka ba le amohela. 12 Empa bohle ba le amohetseng, le ba neile tokelo ya ho ba bana ba Modimo, e leng ba dumelang lebitso la lona; 13 ba sa kang ba tswalwa ke madi, leha e le ka ho rata ha nama, leha e le ka ho rata ha monna, ba mpa ba tswetswe ke Modimo. 14 Lentswe le ne le etswe nama, mme la aha hara rona le tletse mohau le nnete, mme re bohile kganya ya lona, e kang kganya ya Mora a nnotshi ya tswang ho Ntate. 15 Johanne o mo pakile; a phahamisa lentswe, a re: Ke yena eo ke neng ke mmolela, ha ke re: Ya tlang kamorao ho nna, o moholo ho nna, kahobane a ne a le pele ho nna. 16 Mme re amohetse bohle mohau hodima mohau, ho tletseng ho yena. 17 Hobane molao o neilwe ka Moshe, mohau le nnete di hlahisitswe ka Jesu Kreste. 18 Modimo ha o a ka wa bonwa ke motho le ka mohla o le mong; Mora a nnotshi, ya sefubeng sa Ntate, ke yena ya re tsebisitseng wona.

Bopaki ba Johanne Mokolobetsi.

19 Ke bona bopaki ba Johanne, mohla Bajuda ba romileng baprista le Balevi, ba etswa Jerusalema, ho ya mmotsa, ho re: Wena o mang? 20 A ipolela, a se ke a latola, a bolela, a re: Hase nna Kreste. 21 Ba mmotsa, ba re: Ke ho reng? A o Elia na? A re: Ha ke yena. A o moporofeta eo na? A araba, a re: Tjhe. 22 Yaba ba re ho yena: O mang, re tle re nee ba re romileng karabo? O reng, ha o ipolela? 23 A re: Nna, ke lentswe la ya howang feelleng, le re: Lokisang tsela ya Morena; jwalokaha moporofeta Esaia a boletse. 24 Mme ba romilweng e ne e le ba bafarisi. 25 Ba boela ba mmotsa, ba re ho yena: Ha o se Kreste, o se Elia, o se moporofeta eo, ke ka baka lang ha o kolobetsa na? 26 Johanne a ba araba, a re: Haele nna, ke kolobetsa ka metsi; empa e mong o teng hara lona, eo le sa mo tsebeng; 27 ke yena ya tlang kamorao ho nna, ya bileng teng pele ho nna, eo ke sa lokelang ho lokolla leqhwele la seeta sa hae. 28 Taba tseo di etsahetse Bethania, mose wa Jordane, moo Johanne a neng a kolobetsa teng. 29 Ka hosasane, Johanne a bona Jesu a etla ho yena, mme a re: Bonang, ke Konyana ya Modimo e tlosang dibe tsa lefatshe. 30 Ke enwa eo ke mmoletseng, ka re: Kamorao ho nna ho tla monna ya bileng teng pele ho nna, kahobane a ne a le pele ho nna. 31 Le nna ke ne ke sa mo tsebe; empa ke tlile ho kolobetsa ka metsi, a tle a bonahatswe ho Iseraele. 32 Johanne a paka, a re: Ke bone Moya o theoha lehodimong, o kang leeba, wa ba wa dula hodima hae. 33 Le nna ke ne ke sa mo tsebe; empa ya nthomileng ho kolobetsa ka metsi, ke yena ya neng a mpoleletse, a re: Eo o tla bona Moya o theohela ho yena, mme o dula hodima hae, ke yena ya kolobetsang ka Moya o Halalelang. 34 Le nna ke bone, mme ke pakile hore enwa ke Mora Modimo.

Barutuwa ba pele.

35 Ka hosasane, Johanne o ne a eme teng hape hammoho le barutuwa ba hae ba le babedi. 36 A tadima Jesu a feta, a re: Bonang, ke Konyana ya Modimo. 37 Barutuwa ba babedi bao ba mo utlwa a rialo, ba ba ba latela Jesu. 38 Jesu eitse ha a reteleha, mme a ba bona ba mo latela, a re ho bona: 39 Le batlang? Ba re ho yena: Rabbi, — ke ho re, moruti, ha ho fetolwa — o dutse kae? 40 A re ho bona: Tlong, le bone. Yaba ba ya, ba bona moo a dutseng teng, mme ba hlola letsatsi leo le yena; e ne e batla ho ba hora ya leshome. 41 Andrease, ngwanabo Simone Petrose, e ne e le e mong wa ba babedi bao ba utlwileng Johanne ha a bolela, mme ba latela Jesu. 42 Yena a fumana pele Simone, ngwanabo ka sebele; a re ho yena: Re bone Messia — ke ho re, Kreste, ha ho fetolwa. 43 A mo isa ho Jesu. Jesu ha a mo tadima, a re: O Simone, mora Jona: o tla bitswa Kefase — ke ho re, Petrose, ha ho fetolwa. 44 Ka hosasane, Jesu a rata ho ya Galilea, mme a fihlela Filipi; a re ho yena: Ntatele! 45 Athe Filipi eo e ne e le motho wa Bethsaida, motse wa habo Andrease le Petrose. 46 Filipi a fihlela Nathanaele, a re ho yena: Re fumane eo Moshe a ngodileng taba tsa hae molaong, le baporofeta ba di ngodile; ke Jesu wa Nasaretha, mora Josefa. 47 Nathanaele a re ho yena: Na ntho e molemo e ka tswa Nasaretha na? Filipi a re ho yena: Tloo, o bone. 48 Jesu a bona Nathanaele a etla ho yena, a mmolela, a re: Bonang Moiseraele wa sebele, eo ho seng mano ho yena. 49 Nathanaele a re ho yena: O ntsebela kae? Jesu a araba, a re ho yena: Ke o bone, Filipi a eso ho o bitse, o le tlasa sefate sa feiye. 50 Nathanaele a araba, a re ho yena: Rabbi, o Mora wa Modimo, o morena wa Iseraele! 51 Jesu a araba, a re ho yena: O dumela kahobane ke o boleletse hore ke o bone tlasa sefate sa feiye; o tla bona tse kgolo ho tseo. 52 A ba a re ho yena: Kannetenete ke re ho lona: Ho qala jwale, le ya nne le bone lehodimo le phetlilwe, le mangeloi a Modimo a nyoloha, a ba a theohela hodima Mora motho.

Johanne 2

Mohlolo wa pele wa Jesu.

1 Ka letsatsi la boraro, bohadi ba eba teng Kana wa Galelea; mma Jesu o ne a le teng. 2 Jesu le yena a biletswa bohading le barutuwa ba hae. 3 Mme veine ya fela. Yaba mma Jesu o re ho yena: Ha ba na veine. 4 Jesu a re ho yena: Mosadi, taba ya ka le wena ke efe? Nako ya ka ha e eso ho tle. 5 Mmae a re ho bahlanka: Etsang kahohle kamoo a tla le bolella kateng. 6 Dinkgo tsa majwe tse tsheletseng di ne di le teng, tseo Bajuda ba itlhatswang ho tsona; e nngwe le e nngwe e ne e tlatswa ke ditekanyo tse pedi, kapa tse tharo. 7 Jesu a re ho bona: Tlatsang dinkgo tseo ka metsi. Ba di tshela, tsa ba tsa tlala. 8 Yaba o re ho bona: Kgang jwale, le isetse monga mokete. Mme ba mo isetsa. 9 Yare ha monga mokete a latswa metsi a fetohileng veine, a sa tsebe moo e tswang teng, ho tsejwa ke bahlanka feela ba kgileng metsi, monga mokete a bitsa monyadi, 10 a re ho yena: Batho bohle ba ye ba bee veine e monate pele, mme ere hobane ho nowe haholo, ebe hona ho tliswang e botswa: wena veine e monate o e bolokile ho fihlela jwale. 11 Mohlolo ona, oo Jesu a qadileng ka wona, o ne a o etse Kana wa Galelea; a bontsha kganya ya hae, mme barutuwa ba hae ba dumela ho yena. 12 Kamora tseo, ba theohela Kapernauma, e le yena le mmae, le banababo, le barutuwa ba hae; mme ba hlola teng matsatsi a se makae.

Jesu o phahla barekisi tempeleng. — Tempele e tla tsoswa ka matsatsi a mararo.

13 Paseka ya Bajuda e ne e le haufi; yaba Jesu o nyolohela Jerusalema. 14 A fumana tempeleng batho ba bapatsang ka dikgomo le ka dinku le ka maeba, le ba ananyang ditjhelete ba dutse teng. 15 Hobane a etse phafa ya maratswana, a ba phahla kaofela tempeleng, le dinku le dikgomo; mme ditjhelete tsa ba ananyang a di tsholla, a rapalatsa le ditafole. 16 A ba a re ho ba bapatsang ka maeba: Tlosang dintho tsena mona, mme ntlo ya Ntate le se ke la e etsa ntlo ya ho rekela. 17 Jwale barutuwa ba hae ba elellwa hobane ho ngodilwe, ho thwe: Tjheseho ya ntlo ya hao e ntjele. 18 Yaba Bajuda ba bua, ba re ho yena: O ya re bontsha pontsho efe, haele moo o etsa tse jwalo? 19 Jesu a araba, a re ho bona: Qhaqhang tempele ena, mme ke tla e tsosa ka matsatsi a mararo. 20 Yaba Bajuda ba re: Tempele ena e hahilwe ka dilemo tse mashome a mane a metso e tsheletseng, mme wena o re, o tla e tsosa ka matsatsi a mararo na? 21 Athe yena o ne a bolela tempele ya mmele wa hae. 22 Eitse hobane a tsohe bafung, barutuwa ba hae ba elellwa hobane o ne a ba boleletse taba eo; mme ba dumela Lengolo, le taba e neng e boletswe ke Jesu. 23 Yare a sa le Jerusalema, ka Paseka, mohla mokete, batho ba bangata ba dumela lebitso la hae, ha ba bona mehlolo eo a e etsang. 24 Empa Jesu yena o ne a sa ba tshepe, kahobane a ne a ba tseba kaofela, 25 le kahobane a ne a sa tshwanele a ka bolellwa tsa motho ke e mong; hobane o ne a itsebela se leng teng ka ho motho.

Johanne 3

Puisano ya Jesu le Nikodema.

1 Monna e mong wa bafarisi, e leng kgosana ya Bajuda, o ne a le teng, lebitso la hae e le Nikodema. 2 A tla ho Jesu bosiu, a re ho yena: Rabbi, re a tseba hobane o moruti ya tswang ho Modimo; hobane ha ho motho ya ka etsang mehlolo eo o e etsang, ha Modimo o se ho yena. 3 Jesu a araba, a re ho yena: Kannetenete ke re ho wena: Motho ha a sa tswalwe la bobedi, o sitwa ho bona mmuso wa Modimo. 4 Nikodema a re ho yena: Na motho a ka tswalwa jwang ha a se a tsofetse? Na a ka boela a kgutlela popelong ya mmae, a boela a tswalwa? 5 Jesu a araba, a re: Kannetenete ke re ho wena: Motho ha a sa tswalwe ka metsi le ka Moya, o sitwa ho kena mmusong wa Modimo. 6 Se tswetsweng ke nama, ke nama; mme se tswetsweng ke Moya, ke moya. 7 Se makale, ha ke re ho wena: E ka kgona le tswalwe la bobedi. 8 Moya o fokela moo o ratang teng, mme o utlwa modumo wa wona, empa ha o tsebe moo o tswang teng, le moo o yang teng. Ho jwalo le ho bohle ba tswetsweng ke Moya. 9 Nikodema a araba, a re ho yena: Tseo di ka etswa jwang na? 10 Jesu a araba, a re ho yena: Wena o moruti wa Iseraele, mme ha o tsebe taba tseo! 11 Kannetenete ke re ho wena: Re bolela seo re se tsebang, mme re paka seo re se boneng; empa ha le amohele bopaki ba rona. 12 Ekare ha ke le bolella tsa lefatshe, mme le sa dumele, na le tla dumela jwang ha ke le bolella tsa lehodimo? 13 Ha ho ya kileng a nyolohela lehodimong, haese ya theohileng lehodimong, e leng Mora motho, ya leng lehodimong. 14 Mme jwalokaha Moshe a ne a fanyehe noha feelleng, Mora motho e ka kgona a fanyehwe jwalo; 15 hore e mong le e mong ya dumelang ho yena a se ke a timela, a mpe a be le bophelo bo sa feleng. 16 Hobane Modimo o ratile lefatshe hakalo, o bile wa le nea Mora wa wona ya tswetsweng a nnotshi; hore e mong le e mong ya dumelang ho yena, a se ke a timela, a mpe a be le bophelo bo sa feleng. 17 Hobane Modimo o romile Mora wa wona lefatsheng, e seng hore a ahlole lefatshe, empa e le hore lefatshe le bolokwe ke yena. 18 Ya dumelang ho yena ha a ahlolwe; empa ya sa dumeleng o se a ahlotswe, kahobane ha a ka a dumela lebitso la Mora Modimo ya tswetsweng a nnotshi. 19 Mme kahlolo ke yona ena: Lesedi le tlile lefatsheng, mme batho ba ratile lefifi ho lesedi, kahobane mesebetsi ya bona e ne e le mebe. 20 Hobane e mong le e mong ya etsang bobe, o hloile lesedi, mme ha a tle leseding, mesebetsi ya hae e tle e se ke ya kgalemelwa. 21 Empa ya etsang nnete, o tla leseding, mesebetsi ya hae e tle e bonahatswe hore e etseditswe Modimo.

Bopaki bo bong ba Johanne Mokolobetsi.

22 Kamora tseo, Jesu a tla lefatsheng la Judea, a ena le barutuwa ba hae, mme a hlola teng le bona, a kolobetsa. 23 Johanne le yena o ne a kolobetsa Enone, haufi le Salime, kahobane metsi a ne a le mangata teng, mme batho ba ne ba etla teng, ba kolobetswa. 24 Hobane Johanne o ne a eso ho kenngwe teronkong. 25 Yaba ho hlaha kgang ka taba ya phekolo mahareng a barutuwa ba Johanne le Mojuda e mong. 26 Ba ya ho Johanne, ba re ho yena: Rabbi, ya neng a na le wena mose wane wa Jordane, eo o neng o mo pake, bona, ke enwa o a kolobetsa, mme bohle ba ya ho yena. 27 Johanne a araba, a re: Motho o sitwa ho nka letho, ha a sa le newe ke lehodimo. 28 Ke lona ka sebele le leng dipaki tsa ka tsa hobane ke boletse, ka re: Hase nna Kreste, ke mpa ke romilwe ho mo etella pele. 29 Ya nang le monyaduwa ke monyadi; empa motswalle wa monyadi ya emeng teng le ho mo utlwa, o ye a thabe ka thabo e kgolo, ha a utlwa lentswe la monyadi. Thabo ya ka, e leng e jwalo, e phethehile. 30 E ka kgona yena a hole, mme nna ke bobe. 31 Ya tswang lehodimong o kahodimo ho bohle, ya tswang lefatsheng ke wa lefatshe, mme o bua e le wa lefatshe; ya tswang lehodimong o kahodimo ho bohle. 32 Seo a se boneng, le seo a se utlwileng, o a se paka; empa ha ho motho ya amohelang bopaki ba hae. 33 Ya amohetseng bopaki ba hae, o tiisitse hore Modimo ke wa nnete. 34 Hobane ya romilweng ke Modimo o bolela mantswe a Modimo, hobane Modimo ha o mo nee Moya ka tekanyo. 35 Ntate o rata Mora, mme o mo neile dintho tsohle matsohong. 36 Ya dumelang ho Mora, o na le bophelo bo sa feleng; mme ya sa dumeleng ho Mora, a ke ke a bona bophelo, empa bohale ba Modimo bo sala hodima hae.

Johanne 4

Mosadi wa Samaria.

1 Eitse ha Morena a tseba hobane bafarisi ba utlwile ha ho thwe: Jesu o fetisa Johanne ka ho etsa barutuwa le ka ho kolobetsa, — 2 leha e ne e se yena Jesu ya kolobetsang, empa e le barutuwa ba hae, — 3 a tloha Judea, mme a boela a ya Galelea. 4 E ne e ka kgona a haole ka Samaria. 5 Yaba o fihla motseng wa Samaria, o bitswang Sikare, haufi le naha eo Jakobo a neng a e nee Josefa, mora wa hae. 6 Sediba sa Jakobo se teng moo. Jesu, kahobane a ne a kgathetse ke tsela, a dula pela sediba; e ne e batla e le hora ya botshelela. 7 Jwale mosadi e mong wa Samaria a tla kga metsi, Jesu a re ho yena: Mphe, ke nwe. 8 Hobane barutuwa ba hae ba ne ba ile motseng ho reka dijo. 9 Mosadi eo wa Samaria a re ho yena: Ere o le Mojuda, o qela jwang metsi ho nna, ke le mosadi wa Samaria? Athe Bajuda ha ba kopane le Basamaria. 10 Jesu a mo araba, a re: Hoja o tsebile neo ya Modimo, le ya reng ho wena: Mphe, ke nwe, ke wena o ka beng o qetse ho yena, mme a ka be a o file metsi a kollang. 11 Mosadi a re ho yena: Morena, ha o na sekgello sa ho kga, le sediba se sekoti; metsi ao a kollang o a nkile kae na? 12 Na o moholo ho ntata rona Jakobo, ya re neileng sediba sena, a ba a nwa ho sona ka sebele sa hae, le bara ba hae, le dikgomo tsa hae? 13 Jesu a mo araba, a re: E mong le e mong ya nwang metsi ana, o tla boela a nyorwe. 14 Empa e mong le e mong ya nwang metsi ao ke mo neang wona, a ke ke a hlola a nyorwa le ka mohla o le mong, mme metsi ao nna ke mo neang wona, e tla ba ka ho yena sediba sa metsi a phallelang bophelong bo sa feleng. 15 Mosadi a re ho yena: Morena, mphe metsi ao, ke tle ke se hlole ke nyorwa, mme ke se hlole ke tla kga mona. 16 Jesu a re ho yena: Ya bitsa monna wa hao, mme le tle kwano. 17 Mosadi a araba, a re: Ha ke na monna. Jesu a re ho yena: O boletse hantle, ha o itse: Ha ke na monna. 18 Hobane o kile wa ba le banna ba bahlano, mme eo o nang le yena jwale hase monna wa hao; moo o boletse nnete. 19 Mosadi a re ho yena: Morena, ke a bona hobane o moporofeta. 20 Bontata rona ba ne ba rapela thabeng eo; mme lona le re, nqalo eo ho tshwanetsweng ho rapelwa teng, e Jerusalema. 21 Jesu a re ho yena: Mosadi, ntumele, nako e a tla, eo le sa tlo ka le rapela Ntate thabeng eo, leha e le Jerusalema. 22 Lona, le rapela seo le sa se tsebeng; rona re rapela seo re se tsebang; hobane poloko e tswa ho Bajuda. 23 Empa nako e a tla, le jwale e setse e le yona, eo barapedi ba nnete ba tla rapela Ntate ka moya le ka nnete; hobane Ntate o batla ba mo rapelang jwalo. 24 Modimo ke Moya: ba o rapelang e ka kgona ba rapele ka moya le ka nnete. 25 Mosadi a re ho yena: Ke a tseba hobane Messia, ya bitswang Kreste, o tla tla; mohla eo a tlileng, o tla re tsebisa tsohle. 26 Jesu a re ho yena: Ke nna, ya buang le wena. 27 Yaba barutuwa ba hae ba fihla, mme ba makala ka hoba a ne a bua le mosadi; leha ho le jwalo, ha ho a ka ha eba ya reng ho yena: O batlang? kapa: O buelang le yena? 28 Yaba mosadi o siya nkgo ya hae, a ya motseng, a re ho batho: 29 Tloong, le bone motho ya mopleletseng tsohle tseo ke di entseng. Na e ke se be ke yena Kreste? 30 Yaba ba tswa motseng, mme ba tla ho Jesu. 31 Lekgatheng leo, barutuwa ba hae ba ne ba mo rapela, ba re: Rabbi, ako je. 32 A re ho bona: Nna ke na le sejo seo ke se jang, seo lona le sa se tsebeng. 33 Yaba barutuwa ba botsana, ba re: Hleka e mong o kile a mo tlisetsa dijo na? 34 Jesu a re ho bona: Sejo sa ka ke ho etsa thato ya ya nthomileng, le ho phetha mosebetsi wa hae. 35 Ana ha le re, kgwedi di sa le nne, mme etlaba e se e le kotulo? Empa ke re ho lona: Emisang mahlo a lona, le tadime masimo, hobane a se a sweufaletse ho kotulwa. 36 Ya kotulang o nka moputso, mme o bokellela bophelo bo sa feleng dijo, hore ya jalang a thabe hammoho le ya kotulang. 37 Hobane ke moo ho netahalang polelo ena e reng: E mong o a jala, mme e mong o a kotula. 38 Ke le romile ho kotula moo le sa kang la sebetsa teng; ba bang ba sebeditse, mme lona le keneletse mosebetsing wa bona. 39 Basamaria ba bangata ba motse oo ba dumela ho yena, ka baka la polelo e boletsweng ke mosadi eo, ha a itse: O mpoleletse tsohle tseo ke di entseng. 40 Ka baka leo, eitse ha Basamaria ba fihla ho yena, ba mo rapela, ba re, a dule le bona; mme a hlola ditshiu di le pedi teng. 41 Ha ba ha dumela ho yeua ka baka la polelo ya hae ba bangata ho fetisa ba pele. 42 Ba ne ba re ho mosadi: Ha re sa dumela ka baka la polelo ya hao; hobane re ikutlwetse, mme re a tseba hobane enwa ke Kreste ruri, Mmoloki wa lefatshe.

Jesu o fodisa mora wa kgosana.

43 Eitse ha matsatsi a mabedi a fetile, a tloha teng, a ya Galelea. 44 Hobane le yena Jesu o ne a boletse, a re: Moporofeta ha a bokwe naheng ya habo. 45 Eitse ha a fihla Galelea, Bagalelea ba mo amohela, kahobane ba ne ba bone tsohle tseo a di entseng Jerusalema mohla mokete; hobane le bona ba ne ba ile moketeng. 46 Jesu a boela a tla Kana wa Galelea, moo a neng a fetotse metsi veine. Mme kgosana e ne e le teng, eo mora wa yona a kulang Kapernauma. 47 Monna eo eitse ha a utlwa hobane Jesu o fihlile Galelea, a etswa Judea, a tla ho yena, a mo rapela, a re, a theohe, a ye ho fodisa mora wa hae; hobane o ne a se a le makgatheng a ho shwa. 48 Yaba Jesu o re ho yena: Ha le sa bone mehlolo le meeka, ha le ke le dumela. 49 Kgosana ya re ho yena: Morena, ako theohe, ngwana ka a eso ho shwe. 50 Jesu a re ho yena: Eya; mora wa hao o pholohile. Monna eo a dumela taba eo Jesu a mmolellang yona, a ikela. 51 Yare ha a sa theoha, a kgahlanyetswa ke ba hlanka ba hae, ba mo tsebisa, ba re: Mora wa hao o pholohile. 52 A ba botsa hora eo a ikutlwileng ho thuseha ka yona. Ba re ho yena: Maobane, ka hora ya bosupa, febere e mo tlohetse. 53 Yaba ntata ngwana o lemoha hobane ke ka yona hora eo Jesu a neng a re ho yena: Mora wa hao o pholohile. A ba a dumela le ba ntlo ya hae kaofela. 54 Jesu a etsa mohlolo oo wa bobedi, ha a fihla Galelea, a etswa Judea.

Johanne 5

Jesu o fodisa motho letsheng la Bethesda. — Bajuda ba mo tsekisa.

1 Kamora tseo, mokete o mong wa Bajuda wa eba teng; mme Jesu a nyolohela Jerusalema. 2 Letsha le teetsweng hare ke mekgoro e mehlano le ne le le teng Jerusalema, monyakong wa Dinku, le bitswang Bethesda ka Seheberu. 3 Ho ne ho sekame ho yona bongata bo boholo jwa batho ba kulang, difofu, le dihlotsa, le ba omeletseng ditho, ba neng ba ntse ba lebeletse phuduo ya metsi. 4 Hobane lengeloi le ne le ye le theohele letsheng ka mehla e meng, le fudue metsi, mme ya neng a kena letsheng pele, hobane metsi a fuduwe, o ne a fodiswa, leha a ne a kula ke lefu lefe le lefe. 5 Monna e mong o ne a le teng moo, ya kutseng ka dilemo tse mashome a mararo a metso e robileng meno e le mmedi. 6 Jesu ha a mmona a sekame, mme a tseba hobane e se e le nako e telele a kula, a re ho yena: Na o rata ho fola na? 7 Ya kulang a mo araba, a re: Morena, ha ke na motho ya nkenyang letsheng, ha metsi a sa tswa fuduwa; ke re ke sa tla teng, e mong a theohele pele ho nna. 8 Jesu a re ho yena: Ema, nka diphate tsa hao, o tsamaye. 9 Monna eo a hla a fola hang, a nka diphate tsa hae, a tsamaya. 10 Athe letsatsi leo ya be e le Sabatha. Yaba Bajuda ba re ho ya fodisitsweng: Ke Sabatha, ha o a lokela ho jara diphate tsa hao. 11 A ba araba, a re: Ya mphodisitseng ke yena ya itseng ho nna: Nka diphate tsa hao, o tsamaye. 12 Ba mmotsa, ba re: Ke mang motho ya itseng ho wena: Nka diphate tsa hao, o tsamaye? 13 Ya fodisitsweng o ne a sa mo tsebe hore ke mang; hobane Jesu o ne a nyametse hara bongata bo neng bo le moo. 14 Kamora tseo, Jesu a mo fumana tempeleng, a re ho yena: Bona, o fodisitswe; o se ke wa hlola o etsa sebe, hore se sebe haholo ho sa pele se tle se se o hlahele. 15 Monna eo a ya tsebisa Bajuda hobane ya mo fodisitseng ke Jesu. 16 Ka baka leo, Bajuda ba hlorisa Jesu, ba rata ho mmolaya, kahobane a ne a etsa tse jwalo ka Sabatha. 17 Empa Jesu a ba araba, a re: Ntate o sa sebetsa le jwale, le nna ke a sebetsa. 18 Ka baka leo, Bajuda ba thoothelwa ho mmolaya, ka hore, ha a tlole molao wa Sabatha feela, empa o bile o re, Modimo ke Ntatae ka sebele, mme o iketsa ya lekanang le Modimo. 19 Jesu a araba ke hona, a re ho bona: Kannetenete ke re ho lona: Mora o sitwa ho etsa letho a nnotshi, ha a sa ka a le bona le etswa ke Ntatae; hobane tsohle tse etswang ke Ntate, Mora o di etsa jwalo le yena. 20 Hobane Ntate o rata Mora, mme o mmontsha tsohle tseo yena a di etsang; o tla mmontsha le mesebetsi e meholo ho ena, le tle le makale. 21 Hobane, jwalokaha Ntate a tsosa bafu, le ho ba pholosa, le yena Mora o pholosa bao a ratang ho ba pholosa. 22 Hobane Ntate ha a ahlole motho le a mong, empa o neile Mora kahlolo yohle, 23 hore bohle ba hlonephe Mora, jwalokaha ba hlonepha Ntate. Ya sa hlonepheng Mora, ha a hlonephe le Ntate ya mo romileng. 24 Kannetenete ke re ho lona: Ya utlwang lentswe la ka, mme a dumela ya nthomileng, o na le bophelo bo sa feleng; ha a ka ke a tla kahlolong, empa o tlohile lefung ho kena bophelong. 25 Kannetenete ke re ho lona: Nako e a tla, le jwale e se e tlile, eo bafu ba tla utlwa lentswe la Mora Modimo, mme ba le utlwang ba tla phela. 26 Hobane jwalokaha Ntate a ena le bophelo ka ho yena, o neile le yena Mora hore a be le bophelo ka ho yena; 27 o mo neile le matla a ho ahlola, kahobane e le yena Mora motho. 28 Se makaleng ke hoo; hobane nako e a tla eo bohle ba mabitleng ba tla utlwa lentswe la hae; 29 mme ba tla tswa ho wona, ba entseng hantle ba tsohele bophelo, mme ba entseng hampe ba tsohele tsuo. 30 Ke sitwa ho etsa letho ke nnotshi; ke ahlola kamoo ke utlwang kateng, mme kahlolo ya ka e lokile, kahobane ha ke batle ho ratwang ke nna, ke mpa ke batla ho ratwang ke Ntate ya nthomileng. 31 Ekare ha ke ipaka, ho paka ha ka hase ha nnete. 32 E mong o teng ya mpakang, mme ke tseba hobane bopaki boo a mpakang ka jona ke ba nnete. 33 Lona le rometse ho Johanne, mme o pakile nnete. 34 Haele nna, ha ke amohele bopaki ho motho, ke mpa ke bolela taba tsena hore le tle le bolokehe. 35 Johanne e ne e le lebone le tukang, le kganyang, mme lona le ithatetse ho nyakalla leseding la hae ka mehla e se mekae. 36 Empa nna, ke na le bopaki bo boholo ho ba Johanne; hobane mesebetsi eo ke e neilweng ke Ntate hore ke e etse, yona mesebetsi eo ke e etsang, ke yona e mpakang hore Ntate o nthomile. 37 Le yena Ntate ya nthomileng o a mpaka; ha le eso ho ka le utlwa lentswe la hae, mme ha le eso ho ka le bona sefahleho sa hae le ka mohla o le mong. 38 Mme lentswe la hae ha le dule ho lona, hobane ha le dumele eo a mo romileng. 39 Le botsisisa Mangolo, kahobane le lekanya hore le na le bophelo bo sa feleng ho wona; athe ke wona a mpakang. 40 Empa ha le rate ho tla ho nna le tle le be le bophelo. 41 Ha ke amohele thoriso e tswang ho batho; 42 empa ke a le tseba hobane lerato la Modimo ha le yo ho lona. 43 Nna ke tlile ka lebitso la Ntate, mme ha le nkamohele; ekare ha e mong a etla ka lebitso leo e leng la hae, feela yena le tla mo amohela. 44 Le ka dumela jwang, lona le ratang ho rorisana, le sa batle thoriso e tswang ho Modimo feela? 45 Le se ke la lekanya ekaba ke nna ke tla le qosa pela Ntate; ya le qosang o teng, ke Moshe eo le mo tshepileng. 46 Hola le dumela ho Moshe, le ho nna le ka be le dumela; hobane o ngodile taba tsa ka. 47 Empa ekare ha le sa dumele mangolo a hae, le ka dumela mantswe a ka jwang?

Johanne 6

Jesu o atisa mahobe.

1 Kamora tseo, Jesu a ya mose wane wa lewatle la Galelea, e leng la Tiberiase. 2 Bongata bo boholo ba mo latela, kahobane ba ne ba bona mehlolo eo a e etsang ho ba kulang. 3 Mme Jesu a nyolohela thabeng, a dula teng le barutuwa ba hae. 4 Mme Paseka, mokete wa Bajuda, e ne e le haufi. 5 Yaba Jesu o emisa mahlo a hae, mme ha a bona hobane bongata bo boholo bo ntse bo etla ho yena, a re ho Filipi: Na re tla reka mahobe kae, batho bana ba tle ba je? 6 O ne a bua jwalo ka ho mo leka, hobane a ne a tseba seo a tla se etsa. 7 Filipi a mo araba, a re: Mahobe a didenare tse makgolo a mabedi a ke ke a ba lekana, hore e mong le e mong wa bona a nke ho honyenyane. 8 E mong wa barutuwa ba hae, Andrease, ngwanabo Simone Petrose, a re ho yena: 9 Moshanyana o teng mona, ya nang le mahobe a mahlano a harese, le dihlatswana tse pedi; empa hoo e ka ba eng, ha ba le bangata hakalo? 10 Yaba Jesu o re: Dudisang batho fatshe. Mme jwang bo ne bo le boholo bakeng seo. Yaba banna ba dula, ba batlile ho ba dikete tse hlano palong. 11 Jwale Jesu a nka mahobe, mme eitse hobane a lebohe, a a nea barutuwa ba hae, mme barutuwa ba abela ba dutseng; ba aba le tsona dihlatswana, e mong le e mong kamoo o ratang kateng. 12 Eitse ha ba kgotshe, a re ho barutuwa ba hae: Bokellang dingwthwana tse setseng, ho tle ho se ke ha senyeha letho. 13 Yaba ba di bokella, ba tlatsa diroto tse leshome le metso e mmedi ka dingwathwana tsa mahobe a mahlano a harese, tse siilweng ke ba jeleng. 14 Mme batho bao, eitse ha ba bone mohlolo o entsweng ke Jesu, ba re: Kannete enwa ke moporofeta eo ho itsweng, o tla tla lefatsheng. 15 Jesu ha a tseba hobane ba se ba ya mo nka ka matla ba tle ba mmee morena, a boela a ya thabeng a notshi. 16 Yare mantsiboya barutuwa ba hae ba theohela lewatleng. 17 Ba kena sekepaneng se seng, ba re ba tshela lewatle ho ya Kapernauma. Shwalane ya ba tshwara, Jesu a eso ho tle ho bona, 18 lewatle la ba la kokomoswa ke moya o moholo o fokang. 19 Yare hobane ba sesise sekepana distadia tse ka bang mashome a mabedi a metso e mehlano, kapa mashome a mararo, ba tshoba ba bona Jesu a tsamaya hodima metsi, a fihla haufi le sekepana; mme ba tshaba. 20 A mpa a re ho bona: Ke nna; se tshoheng. 21 Yaba ba mo nkela sekepaneng ka thabo; mme sekepana sa hla sa fihla hang lebopong la moo ba neng ba ya teng.

Bohobe ba ho phela. — Barutuwa ba bang ba furalla Jesu. — Boipolelo ba Petrose.

22 Ka hosasane, eitse ha bongata bo setseng mose wane wa lewatle bo lemoha hobane ho ne ho se sekepana moo, haese seo barutuwa ba hae ba keneng ho sona, le hobane Jesu a ne a sa ka a kena le barutuwa ba hae sekepaneng seo, barutuwa ba hae ba mpa ba ile ba nnotshi, 23 empa dikepana tse ding tse tswang Tiberiase di ne di fihlile haufi le moo ba jeleng bohobe teng, hobane Morena a lebohe, 24 jwale, bongata ha bo bona hobane Jesu le bona barutuwa ba hae ha ba sa le yo moo, ba kena le bona dikepaneng, ba ya Kapernauma, ba ntse ba batla Jesu. 25 Eitse ha ba mo fumana mose wane wa lewatle, ba re ho yena: Rabbi, o tlile neng mona? 26 Jesu a ba araba, a re: Kannetenete ke re ho lona: Le a mpatla, e seng kahobane le bone mehlolo, empa e le kahobane le jele mahobe, la ba la kgora. 27 Se sebeletseng dijo tse felang, empa le sebeletse dijo tse tla ba teng le bophelong bo sa feleng, tseo le tla di fuwa ke Mora motho: hobane ke yena eo Ntate, e leng Modimo, a mo tshwaileng. 28 Ba re ho yena: Re tla etsang hore re sebetse mesebetsi ya Modimo na? 29 Jesu a ba araba, a re: Mosebetsi wa Modimo ke hoba le dumele ho eo o mo romileng. 30 Yaba ba re ho yena: Hleka o etsa mohlolo ofe, re tle re o bone, mme re dumele ho wena? O sebetsa eng na? 31 Bontata rona ba jele manna feelleng, jwalokaha ho ngodilwe, ho thwe: O ba file bohobe bo tswang lehodimong, ba eja. 32 Yaba Jesu o re ho bona: Kannetenete ke re ho lona: Hase Moshe ya le neileng bohobe bo tswang lehodimong, empa ke yena Ntate ya le neang bohobe ba nnete bo tswang lehodimong. 33 Hobane bohobe ba Modimo ke bo theohileng lehodimong, bo neang lefatshe bophelo. 34 Yaba ba re ho yena: Morena, re fe bohobe boo kamehla yohle. 35 Jesu a re ho bona: Ke nna bohobe ba bophelo; ya tlang ho nna a ke ke a lapa, mme ya dumelang ho nna a ke ke a nyorwa le ka mohla o le mong. 36 Empa ke le boleletse hore le mpone, empa ha le dumele. 37 Hohle hoo ke ho newang ke Ntate, ho tla fihla ho nna; mme ya tlang ho nna, nke ke ka mo lahlela ntle. 38 Hobane ke theohile lehodimong, e seng ho etsa ho ratwang ke nna, empa e le ho etsa ho ratwang ke ya nthomileng. 39 Mme ho rata ha Ntate ya nthomileng ke hore ke se lahle letho la tsohle tseo a nneileng tsona, ke mpe ke di tsose ka letsatsi la bofelo. 40 Ho ratwang ke ya nthomileng ke hore, e mong le e mong ya tadimang Mora, mme a dumela ho yena, a be le bophelo bo sa feleng; mme nna, ke tla mo tsosa ka letsatsi la bofelo. 41 Yaba Bajuda ba mo seba ka hobane a kile a re: Ke nna bohobe bo theohileng lehodimong. 42 Mme ba re: Na eo hase Jesu, mora Josefa, eo re tsebang ntatae le mmae? Jwale o bolela jwang, ha a re: Ke theohile lehodimong? 43 Empa Jesu a ba araba, a re: Le se ke la seba hammoho. 44 Ha ho motho ya ka tlang ho nna, ha a sa hulwe ke Ntate ya nthomileng; mme nna, ke tla mo tsosa ka letsatsi la bofelo. 45 Ho ngodilwe mangolong a baporofeta, ho thwe: Ba tla rutwa bohle ke Modimo. Ka baka leo, e mong le e mong ya utlwileng Ntate, ya ithutileng ho yena, o tla ho nna. 46 Hase hore motho o kile a bona Ntate, haese ya tswang ho Modimo; yena o bone Ntate. 47 Kannetenete ke re ho lona: Ya dumelang ho nna o na le bophelo bo sa feleng. 48 Ke nna bohobe ba bophelo. 49 Bontata lona ba jele manna feelleng, mme ba shwele. 50 Ke bona bohobe bo theohang lehodimong, hore motho a bo je, mme a se ke a shwa. 51 Ke nna bohobe bo phelang, bo theohileng lehodimong; ekare ha motho a eja bohobe bona, o tla phela kamehla; mme bohobe boo ke tla mo nea bona, ke nama ya ka, eo ke tla e nea lefatshe, le tle le phele. 52 Yaba Bajuda ba tsekisana hammoho, ba re: Na eo a ka re nea nama ya hae jwang, ra e ja? 53 Jesu a re ho bona: Kannetenete ke re ho lona: Ekare ha le sa je nama ya Mora motho, le sa nwe madi a hae, le ke ke la ba le bophelo ka ho lona. 54 Ya jang nama ya ka, le ho nwa madi a ka, o na le bophelo bo sa feleng; mme ke tla mo tsosa ka letsatsi la bofelo. 55 Hobane nama ya ka ke sejo kannete, mme madi a ka ke seno kannete. 56 Ya jang nama ya ka, le ho nwa madi a ka, o dula ho nna, le nna ho yena. 57 Jwalokaha Ntate ya phelang a nthomile, mme ke phela ka Ntate, le yena ya jang nna o tla phela ka nna. 58 Bohobe bo theohileng lehodimong ke bona bona; ha ho jwaloka bontata lona ba jeleng manna, mme ba shwele; ya jang bohobe bona, o tla phela ka ho sa feleng. 59 A bolela taba tseo Kapernauma, a ntse a ruta sinagogeng. 60 Barutuwa ba hae ba bangata, hobane ba utlwe a rialo, ba re: Taba eo e thata, ya ka e utlwang ke mang? 61 Yare ha Jesu a tseba ka ho yena hobane barutuwa ba hae ba seba ka taba eo, a re ho bona: Na hoo ho a le kgopisa na? 62 Ho tla ba jwang, ha le bona Mora motho a nyolohela moo a neng a le teng pele? 63 Moya ke wona o phedisang: nama ha e thuse letho. Taba tseo ke le bolellang tsona ke moya, e bile ke bophelo. 64 Empa ba bang ba teng ho lona ba sa dumeleng. Hobane Jesu o ne a tseba, esale ho qaleng, ba sa dumeleng le ya tlang ho mo eka. 65 A ba a re: Ke ka baka leo ke le boleletseng, ka re: Ha ho motho ya ka tlang ho nna, ha a sa ho fuwe ke Ntate. 66 Haesale mohlang oo, barutuwa ba bangata ba hae ba kgutlela morao, ba se ke ba hlola ba tsamaya le yena. 67 Yaba Jesu o re ho ba leshome le metso e mmedi: Na le lona le rata ho ikela na? 68 Yaba Simone Petrose o mo araba, a re: Morena, re ka ya ho mang? ke wena ya nang le mantswe a bophelo bo sa feleng. 69 Mme re dumetse, ra ba ra tseba hobane ke wena Kreste, Mokgethwa wa Modimo! 70 Jesu a ba araba, a re: Ana hase nna ke le kgethileng, lona ba leshome le metso e mmedi? athe e mong wa lona ke Diabolose! 71 O ne a bolela Judase Iskariota, mora Simone; hobane ke yena ya neng a tla mo eka, e le e mong wa ba leshome le metso e mmedi.

Johanne 7

Ho se dumele ha banababo Jesu.

1 Kamora tseo, Jesu a nna a ya le Galelea; hobane a ne a sa rate ho ya le Judea, ke hobane Bajuda ba ne ba batla ho mmolaya. 2 Mokete wa Bajuda wa Metlotlwane o ne o le haufi. 3 Yaba banababo ba re ho yena: Tloha mona, o ye Judea, barutuwa ba hao le bona ba tle ba bone mesebetsi eo o e etsang. 4 Hobane motho a ke ke a etsa letho sephiring, a be a rate ho tsejwa; ha o etsa tseo, o iponahatse ho lefatshe. 5 Hobane le bona banababo ba ne ba sa dumele ho yena. 6 Jesu a re ho bona: Nako ya ka ha e eso ho tle; empa nako ya lona e ntse e le yona kamehla. 7 Lefatshe le ke ke la le hloya; empa nna, le ntlhoile, hobane ke ntse ke le pakela hore mesebetsi ya lona e mebe. 8 Lona, nyolohelang moketeng; nna ha ke eso ho be le ho nyolohela moketeng oo, kahobane nako ya ka ha eso ho phethehe. 9 Eitse hobane a ba bolelle taba tseo, a itulela Galilea.

Jesu o ruta tempeleng, moketeng wa Metlotlwane. — Bajuda ba tsekisana ka yena.

10 Empa banababo ha ba se ba nyolohile, le yena a nyolohela moketeng, e seng pontsheng, a mpa a ya ka mokgwa wa sephiri. 11 Bajuda ba ne ba mmatla moketeng, ba re: Elwa o kae? 12 Mme phapang e ne e le kgolo hodima hae hara setjhaba. Ba bang ba ne ba re: O molemo; ba bang ba re: Tjhe; empa o thetsa batho. 13 Leha ho le jwalo, ho ne ho se motho ya buang tsa hae pepeneneng, ka baka la ho tshaba Bajuda. 14 Ha e se e le mahareng a mokete, Jesu a nyolohela tempeleng, a ruta. 15 Bajuda ba makala ke hona, ba re: Na eo o tseba Mangolo jwang, athe ha a ka a ithuta? 16 Jesu a ba araba, a re: Thuto ya ka hase ya ka, empa e le ya ya nthomileng. 17 Ekare ha motho a rata ho etsa thato ya hae, o tla tseba thuto hore na e tswa ho Modimo, kapa ke bua ke iqalla tsa ka. 18 Ya iqallang tsa hae o ipatlela thoriso ya hae; empa ya batlang thoriso ya ya mo romileng, ke yena e leng wa nnete, mme bokgopo ha bo yo ho yena. 19 Ha ke re, Moshe o le neile molao na? Leha ho le jwalo, ha ho e mong wa lona ya phethang molao. Le batlelang ho mpolaya? 20 Bongata ba mo araba, ba re: O na le motemona; ke mang ya batlang ho o bolaya? 21 Jesu a ba araba, a re: Ke entse mosebetsi o le mong, mme le maketse kaofela ke wona. 22 Moshe o le file lebollo — hase hore le tswa ho Moshe, empa le tswa ho bontate moholo, — mme le bolotsa motho ka Sabatha. 23 Na ha motho a bolotswa ka Sabatha, ho tle ho se ke ha tlolwa molao wa Moshe, le nkgalefetse keng ha ke fodisitse motho kahohle Sabatha na? 24 Se ahloleng ka ho bona feela, le mpe le ahlole ka kahlolo e lokileng. 25 Yaba ba bang ba Jerusalema ba re: Na hase yena eo ba mmatlang ho mmolaya na? 26 Athe bonang, ke enwa o bua pepeneneng, mme ha ba mo araba ka letho; na baholo ba tsebile ruri hobane ke yena e leng Kreste na? 27 Enwa re mpa re mo tseba moo a tswang teng, athe Kreste, mohla a tlang, ha ho motho ya tla tseba moo a tswang teng. 28 Yaba Jesu o phahamisa lentswe tempeleng, a ruta, a re: Le a ntseba, le bile le tseba le moo ke tswang teng; ha ke a itlisa, empa ya nthomileng ke wa nnete, mme ha le mo tsebe. 29 Empa nna ke a mo tsebe, kahobane ke tswa ho yena, mme ke romilwe ke yena. 30 Yaba ba rata ho mo tshwara; empa ho se ke ha eba motho ya isang letsoho ho yena, kahobane nako ya hae e ne e eso ho tle. 31 Ba bangata hara bongata ba dumela ho yena, ba re: Etlare hobane Kreste a tle, na o tla etsa mehlolo e fetisang e entsweng ke enwa na? 32 Yare ha bafarisi ba utlwa kamoo ba mo sebang kateng, bona bafarisi le baprista ba boholo ba roma bahlanka ho mo tshwara. 33 Yaba Jesu o re ho bona: Ke sa dutse le lona motsotso o se mokae, ke ntoo ya ho ya nthomileng. 34 Le tla mpatla, mme ha le ka ke la mpona; le moo ke leng teng, le tla sitwa ho tla. 35 Yaba Bajuda ba botsana, ba re: Eo o tla ya kae, moo re ke keng ra mo fumana teng. Na o tla ya ho ba farasitseng hara Bagerike, a rute Bagerike na? 36 Taba eo a e boletseng e reng, ha a re: Le tla mpatla, mme ha le ka ke la mpona, le moo nna ke leng teng, lona le sitwa ho tla? 37 Ka letsatsi la ho qetella mokete, e leng le leholo, Jesu a ema, a howa, a re: Ekare ha e mong a nyorilwe, a tle ho nna, a nwe. 38 Ya dumelang ho nna, dinoka tsa metsi a kollang di tla kolla mpeng ya hae, jwalokaha Lengolo le boletse. 39 Ka taba eo, o ne a lekanya Moya oo ba dumelang ho yena ba tlang ho o newa; hobane Moya o Halalelang o ne o eso ho hlahe, kahobane Jesu a ne a eso ho tlotliswe. 40 Ba bangata hara batho ba bokaneng, eitse ha ba utlwa polelo eo, ba re: Kannete enwa ke moporofeta. 41 Ba bang ba re: Enwa ke Kreste. Empa ba bang ba re: Na Kreste a ka tswa Galelea na? 42 Na lengolo ha le bolele hobane Kreste o tla tswa lelokong la Davida, le motseng wa Bethlehema, moo Davida a neng a le teng na? 43 Yaba bongata bo fapana ka baka la hae. 44 Mme ba bang ho bona ba ne ba rata ho mo tshwara; empa ho se ke ha eba motho ya isang matsoho ho yena. 45 Bahlanka ha ba kgutletse ho baprista le ho bafarisi, ba botswa, ha thwe: Ha le a ka la mo tlisa keng? 46 Bahlanka ba araba, ba re: Ha ho eso ho be motho ya buang jwaloka motho eo, le ka mohla o le mong. 47 Yaba bafarisi ba ba araba, ba re: Hleka le lona le thetsitswe na? 48 Ke mang ho baholo le ho bafarisi ya dumetseng ho yena? 49 Empa bongata boo, bo sa tsebeng molao, bo rohakilwe. 50 E mong wa bona, Nikodema, ya neng a tlile ho Jesu bosiu, a re ho bona: 51 Na molao wa rona o ka hla wa ahlola motho a eso ho utluwe, ho eso ho tsejwe seo a se entseng na? 52 Ba araba, ba re ho yena: Na le wena o tswa Galelea na? Botsisisa, o lemohe hobane ha ho moporofeta ya hlahileng Galelea. 53 Jwale ba ikela e mong le e mong tlung ya hae.

Johanne 8

Mosadi wa mofebi.

1 Mme Jesu a ya thabeng ya Mehlwaare. 2 Kameso, a boela a ya tempeleng; yaba batho ba tla ho yena kaofela; mme a dula, a ba ruta. 3 Yaba bangodi le bafarisi ba mo tlisetsa mosadi ya tshwerweng a boka; mme ha ba mmeile hare, 4 ba re ho yena: Moruti, mosadi enwa o tshwerwe a boka. 5 Jwale, Moshe o re laetse molaong ho tlepetsa ba jwalo ka majwe; na wena, o re eng? 6 Ba bua jwalo ho mo leka, le ho bona seo ba ka mo qosang ka sona. Empa Jesu o ne a ngola fatshe ka monwana a inamile. 7 Mme kahobane ba ne ba phehella ho mmotsa, a inamoloha, a re ho bona: Ya se nang sebe ho lona e be yena ya qalang ho mmetsa ka lejwe. 8 A ntoo boela a inama, a nna a ngola fatshe. 9 Eitse hobane ba utlwe polelo eo, ba kgalemelwa ke matswalo a bona, mme ba tswa ba salane morao, ho qala ka ba baholo ho qetella ka ba morao; mme Jesu a siuwa a nnotshi, mosadi a ntse a eme hare. 10 Yaba Jesu o a inamoloha, mme yare ha a bona ho se motho, e le mosadi feela, a re ho yena: Mosadi, baqosi bale ba hao ba kae na? Na ha ho motho ya o tswileng? 11 A re: Ha ho motho, Morena. Jesu a re ho yena: Le nna ha ke o tswe. Eya, mme o se ke wa boela wa etsa sebe.

Jesu o ruta ka tsa thomo ya hae.

12 Yaba Jesu o boela a bua le bona, a re: Ke nna lesedi la lefatshe; ya ntatelang a ke ke a tsamaya lefifing, empa o tla ba le lesedi la bophelo. 13 Empa bafarisi ba re ho yena: O a ipaka e le wena; bopaki ba hao hase ba nnete. 14 Jesu a araba, a re ho bona: Leha ke ipaka, bopaki ba ka ke ba nnete; hobane ke tseba moo ke tswang teng le moo ke yang teng; empa lona, ha le tsebe moo ke tswang teng le moo ke yang teng. 15 Le ahlola ka nama; nna ha ke ahlole motho. 16 Mme leha nka ahlola, kahlolo ya ka ke ya nnete; hobane ha ke nnotshi, ke mpa ke na le Ntate ya nthomileng. 17 Esita le molaong wa lona ho ngodilwe hore bopaki ba batho ba babedi ke ba nnete. 18 Ke nna ke ipakang, mme Ntate ya nthomileng o a mpaka le yena. 19 Yaba ba re ho yena: Ntatao o kae? Jesu a araba, a re: Ha le ntsebe, ha le tsebe le Ntate; hoja le a ntseba, le ka be le tseba le yena Ntate. 20 Jesu a bolela taba tseo polokelong ya letlotlo, a ruta tempeleng; mme ha ho a ka ha eba motho ya mo tshwarang, kahobane nako ya hae e ne e eso ho tle. 21 Yaba Jesu o boela a re ho bona: Ke a ya, mme le tla mpatla, mme le tla shwa sebeng sa lona; moo nna ke yang teng, lona le sitwa ho tla. 22 Jwale, Bajuda ba re: Hleka o tla ipolaya, ha a re: Moo nna ke yang teng, lona le sitwa ho tla? 23 A mpa a re ho bona: Lona, le ba tlase, nna, ke wa hodimo; lona, le ba lefatshe lena, nna, ha ke wa lefatshe lena. 24 Ke ka baka leo ke le boleletseng, ka re: Le tla shwa dibeng tsa lona. Ekare ha le sa dumele hobane ke nna enwa, le tla shwa dibeng tsa lona. 25 Yaba ba re ho yena: O mang, wena? Jesu a re ho bona: Ke hlile ke seo ke le boleletseng sona ho qaleng. 26 Ke na le ditaba tse ngata tsa ho le bolela, le tsa ho le ahlola ka tsona; empa ya nthomileng ke wa nnete; mme ditaba tseo ke di utlwileng ho yena ke di bolella lefatshe. 27 Ha ba ka ba utlwisisa hore o bua tsa Ntatae ho bona. 28 Jwale, Jesu a re ho bona: Etlare hobane le fanyehe Mora motho, ke moo le tla tseba hobane ke nna enwa, le hobane ha ke etse letho ke nnotshi, ke mpa ke bolela ditaba tseo jwalokaha Ntate a nthutile. 29 Ya nthomileng o na le nna. Ntate ha a ka a ntlohela ke nnotshi, kahobane ke ntse ke etsa kamehla se mo kgahlisang. 30 Ha a ntse a bolela tseo, ba bangata ba dumela ho yena. 31 Yaba Jesu o re ho Bajuda ba dumetseng ho yena: Ekare ha le tiisetsa lentsweng la ka, le tla ba barutuwa ba ka ka nnete; 32 le tla tseba nnete, mme nnete e tla le lokolla. 33 Ba mo araba, ba re: Re leloko la Abrahama, ha re eso ho be bahlanka ba motho le ka mohla o le mong; o bolela jwang, ha o re: Le tla lokollwa? 34 Jesu a ba araba, a re: Kannetenete ke re ho lona: E mong le e mong ya etsang sebe, ke mohlanka wa sebe. 35 Mohlanka a ke ke a nna a dula hae kamehla, empa mora ke yena ya dulang teng kamehla. 36 Ka baka leo, ekare ha Mora a le lokolla etlaba le lokolotswe ka sebele. 37 Ke a tseba hobane le leloko la Abrahama; empa le rata ho mpolaya, kahobane lentswe la ka ha le na tulo ho lona. 38 Nna ke bolela seo ke se boneng ho Ntate; le lona he le etsa seo le se boneng ho ntata lona. 39 Ba araba, ba re ho yena: Ntata rona ke Abrahama. Jesu a re ho bona: Holane le bana ba Abrahama, le ka be le etsa mesebetsi ya Abrahama. 40 Athe jwale le rata ho mpolaya, nna ke leng motho ya le boleletseng nnete, eo ke e utlwileng ho Modimo; Abrahama ha a ka a etsa hona. 41 Lona, le etsa mesebetsi ya ntata lona. Yaba ba re ho yena: Rona ha re a tswalwa bonyatsing; ntata rona o mong feela, ke Modimo. 42 Jesu a re ho bona: Holane Modimo ke ntata lona, le ka be le nthata, kahobane ke tswile ho Modimo, mme ke tlile. Ha ke a itlisa, empa ke wona o nthomileng. 43 Ha le utlwisise puo ya ka keng? Ke hobane le sitwa ho utlwa lentswe la ka. 44 Lona, le tswa ho ntata lona, e leng Diabolose, mme le rata ho phetha ditakatso tsa ntata lona. Yena ke mmolai haesale ho qaleng; ha a dule nneteng hobane ha ho nnete ho yena. Ha a bolela leshano, o ipuella tsa hae; hobane ke yena ya leshano, le ntate wa ya leshano. 45 Empa nna, kahobane ke bolela nnete, ha le ntumele. 46 Ke mang ho lona ya tla nkgodisa hore ke na le sebe? Ha ke bua nnete, ha le ntumele keng? 47 Eo e leng wa Modimo o utlwa mantswe a Modimo; ke ka baka leo le sa utlweng, hobane le se ba Modimo. 48 Yaba Bajuda ba araba, ba re ho yena: Na ha re bue hantle, ha re re: O Mosamaria, mme o na le motemona na? 49 Jesu a araba, a re: Nna, ha ke na motemona, ke mpa ke hlonepha Ntate, empa lona, le a nthlompolla. 50 Ha ke batle thoriso ya ka; o teng ya e batlang, ya ahlolang. 51 Kannetenete ke re ho lona: Ekare ha motho a boloka lentswe la ka, a ke ke a bona lefu le ka mohla o le mong. 52 Yaba Bajuda ba re ho yena: Jwale, re a tseba hobane o na le motemona; Abrahama o shwele, le bona baporofeta; mme wena o re: Ekare ha motho a boloka lentswe la ka, a ke ke a utlwa lefu le ka mohla o le mong. 53 Na o moholo ho ntata rona Abrahama na? Yena o shwele, le baporofeta ba shwele; wena, o ipea mang na? 54 Jesu a araba, a re: Ekare ha ke ithorisa e le nna, thoriso ya ka hase letho; ya nthorisang ke Ntate, eo le reng ke Modimo wa lona. 55 Athe ha le mo tsebe. Nna, ke a mo tseba; ha nka re, ha ke mo tsebe, nka ba leshano jwaloka lona; empa ke a mo tseba, mme lentswe la hae ke a le boloka. 56 Abrahama, ntata lona, o nyakalletse ho bona letsatsi la ka, mme o le bone, a ba a thaba. 57 Yaba Bajuda ba re ho yena: Dilemo tsa hao ha di eso ho be mashome a mahlano, mme o re o bone Abrahama? 58 Jesu a re ho bona: Kannetenete ke re ho lona: Abrahama ha a eso ho hlahe, ke ntse ke le teng. 59 Jwale, ba thola majwe hore ba mmetse; empa Jesu a ipata, a tswa tempeleng, a iphetela hara bona; mme a itsamaela jwalo.

Johanne 9

Jesu o fodisa motho ya tswetsweng e le sefofu.

1 Eitse Jesu ha a feta, a bona monna esale a tswalwa a foufetse. 2 Barutuwa ba hae ba mmotsa, ba re: Rabbi, ke mang ya sitilweng, kapa yena, kapa batswadi ba hae, haele moo a tswetswe a foufetse? 3 Jesu a araba, a re: Ha ho a sitwa yena, leha e le batswadi ba hae, empa e le hore mesebetsi ya Modimo e bonahatswe ka yena. 4 E ka kgona ke etse mesebetsi ya ya nthomileng, letsatsi le eso ho dikele; bosiu bo a tla, boo motho a sitwang ho sebetsa ka jona. 5 Ha ke sa le lefatsheng, ke lesedi la lefatshe. 6 Eitse hobane a bue jwalo, a tshwela mathe fatshe, a duba seretse ka mathe ao, mme a neta mahlo a sefofu ka seretse seo, 7 a re ho sona: Ya iphotla letsheng la Silowe — ke ho re, ha ho fetolwa: Morongwa. — Mme sa ya, sa iphotla, sa kgutla se bona. 8 Ba ahisaneng le yena, le ba neng ba mmone pele hore ke mokopi, ba re: Na enwa hase ya neng a dula a kopa na? 9 Ba bang ba ne ba re: Ke yena. Ba bang ba ne ba re: O tshwana le yena. Empa yena a re: Ke nna. 10 Yaba ba re ho yena: Mahlo a hao a tutubolohile ka mokgwa o jwang? 11 A araba, a re: Motho ya bitswang Jesu o entse seretse, mme o nnetile mahlo ka sona, a ntoo re ho nna: Eya letsheng la Silowe, o iphotle. Ke ile, mme hobane ke iphotle, ka bona. 12 Yaba ba re ho yena: Eo o kae? A re: Ha ke tsebe. 13 Ba isa ho bafarisi ya neng o foufetse pele. 14 Athe e be e le ka Sabatha Jesu a entseng seretse, a tutubolla mahlo a hae. 15 Jwale, bafarisi le bona ba mmotsa kamoo a kileng a bona kateng. A re ho bona: O mpeile seretse mahlong, mme ka iphotla, ka ba ka bona. 16 Ka baka leo, bafarisi ba bang ba re: Motho eo hase wa Modimo, hobane ha a boloke Sabatha. Ba bang ba re: Motho wa moetsadibe a ka etsa jwang mehlolo e kale ka eo na? Mme phapang e ne e le teng hara bona. 17 Ba boela ba re ho sefofu: Wena, o reng ka yena, ha a o tutubolotse mahlo? A re: Ke moporofeta. 18 Empa Bajuda ha ba ka ba dumela hobane o ne a foufetse, mme a bile a bona, ho fihlela ha ba bitsa batswadi ba ya neng a boetse a bona. 19 Ba ba botsa, ba re: Na enwa ke mora wa lona, eo le reng o ne a tswalwe a foufetse na? O bona jwang jwale? 20 Batswadi ba hae ba ba araba, ba re: Re a tseba hobane enwa ke mora wa rona, le hobane o hlahile a foufetse. 21 Empa haele mokgwa oo a bonang ka wona jwale, ha re o tsebe; le ya tutubolotseng mahlo a hae, ha re mo tsebe; mmotseng e le yena; o se a na le dilemo, o tla ikarabela. 22 Batswadi ba hae ba bua jwalo ke ho tshaba Bajuda; kahobane Bajuda ba ne ba se ba rerile hore, ekare ha motho ofe le ofe a ka bolela hore eo ke Kreste, o tla ntshwa sinagogeng. 23 Ke ka baka leo batswadi ba hae ba itseng: O se a na le dilemo, botsang yena. 24 Ba boela ba bitsa la bobedi motho ya neng a foufetse, ba re ho yena: Nea Modimo thoriso; rona re a tseba hobane motho eo ke moetsadibe. 25 A araba, a re: Ha ekaba ke moetsadibe, teng ha ke tsebe; ke tseba taba e le nngwe, ke hobane ke ne ke foufetse, mme jwale ke a bona. 26 Yaba ba boela ba re ho yena: O ile a o etsa eng? O tutubolotse mahlo a hao jwang? 27 A ba araba, a re: Ke se ke le boleletse, mme ha le a ka la mamela. Na taba eo le boetse le rata ho e utlwa ka baka lang na? Na le lona le rata ho ba barutuwa ba hae na? 28 Jwale, ba mo rohaka, ba re: Ke wena o leng morutuwa wa hae; rona, re barutuwa ba Moshe. 29 Rona, re a tseba hobane Modimo o buile le Moshe; haele eo, ha re tsebe moo a tswang teng. 30 Motho eo a ba araba, a re: Taba e makatsang ke ena ya hore ha le tsebe moo a tswang teng, athe o ntutuboletse mahlo. 31 Re a tseba hobane Modimo ha o utlwe baetsadibe; empa ekare ha e mong a hlonepha Modimo, a etsa thato ya wona, o ye o mo utlwe. 32 Ha ho eso ho utlwahale le ka mohla o le mong hobane motho o tutubolotse mahlo a motho ya tswetsweng e le sefofu. 33 Hojane eo hase wa Modimo, o ne a ke ke a tseba ho etsa letho. 34 Ba mo araba, ba re: O tswaletswe dibeng kahohle, mme o ka hla wa re ruta na! Yaba ba mo lelekela ntle. 35 Jesu a utlwa hobane ba mo lelekile; yare ha a mo fumana, a re ho yena: Na o dumela ho Mora wa Modimo na? 36 A araba, a re: Ke mang, Morena, ke tle ke dumele ho yena? 37 Jesu a re ho yena: O mmone, mme e bile ke yena ya buang le wena. 38 Yaba o re: Ke a dumela, Morena. Mme a mo kgumamela. 39 Jesu a re: Ke tlile lefatsheng lena ho etsa kahlolo ya hore ba sa boneng ba bone, mme ba bonang ba fetohe difofu. 40 Bafarisi ba bang ba nang le yena, yare ha ba utlwa taba tseo, ba re ho yena: Na le rona re difofu na? Jesu a re ho bona: 41 Hojane le difofu, le ka be le se na sebe; empa jwale le re: Re a bona; sebe sa lona se sala ke hona.

Johanne 10

Modisa ya molemo.

1 Kannetenete ke re ho lona: Ya sa keneng ka monyako lesakeng la dinku, a mpa a tlolela teng kahosele, ke leshodu le senokwane. 2 Empa ya kenang ka monyako, yena ke modisa wa dinku. 3 Molebedi wa monyako o ye a mmulele, mme dinku di utlwe lentswe la hae, mme a bitse dinku tsa hae ka mabitso a tsona, a di ise kantle. 4 Ere hobane a ntshe dinku tsa hae, a di etelle pele, mme dinku di mo latele, kahobane di tseba lentswe la hae. 5 Osele di ke ke tsa mo latela, empa di ka mmalehela, kahobane di sa tsebe lentswe la osele. 6 Jesu a ba bolella papiso eo, empa bona ha ba ka ba utlwisisa tseo a ba bolellang tsona hore na ke dife. 7 Jesu a boela a re ho bona: Kannetenete ke re ho lona: Ke nna monyako wa dinku. 8 Bohle ba tlileng pele ho nna, e ne e le mashodu le dinokwane, empa dinku ha di a ka tsa ba utlwa. 9 Ke nna monyako; ekare ha motho a kena ka nna, o tla bolokeha; o tla nne a kene, a tswe, a bone makgulo. 10 Senokwane ha se tle haese ho utswa, le ho hlaba, le ho timetsa feela; nna, ke tlile hore di be le bophelo, di bo bone ka ho fetisisa. 11 Ke nna modisa ya molemo; modisa ya molemo o beela dinku bophelo ba hae. 12 Empa ya ruilweng, eo e seng modisa, eo dinku e seng tsa hae ka sebele, ha a bona phiri e etla, o tlohela dinku, o a baleha; mme phiri e tshwara dinku, e a di hasanya. 13 Ya ruilweng o a baleha, kahobane, e le ya ruilweng feela, mme ha a re letho ka dinku. 14 Ke nna modisa ya molemo, ke tseba dinku tsa ka, le dinku tsa ka di a ntseba. 15 Jwalokaha Ntate a ntseba, le nna ke tseba Ntate; mme ke beela dinku bophelo ba ka. 16 Ke sa na le dinku tse ding, tseo e seng tsa lesaka lena; le tsona e ka kgona ke di tlise, mme di tla utlwa lentswe la ka, mme mohlape o tla ba mong, modisa le yena a be mong. 17 Seo ke ratwang ke Ntate ka baka la sona ke hobane ke bea bophelo ba ka, ke tle ke boele ke bo nke. 18 Ha ho motho ya nkamohang bona; ke nna ke bo beang ka ho rata ha ka; ke na le matla a ho bo bea, le matla a ho boela ke bo nka. Taelo eo ke e nkile ho Ntate. 19 Yaba phapang e boela e eba teng hara Bajuda ka baka la dipolelo tseo. 20 Ba bangata ho bona ba ne ba re: O na le motemona, o a hlanya; le mo mamellang na? 21 Ba bang ba ne ba re: Ditaba tseo hase tsa motho ya nang le motemona. Na motemona a ka tutubolla mahlo a difofu na?

Jesu o bua tsa kamoo a nang le kopano le Modimo kateng. — Bajuda ba eketsa ho mo hloya. — O ya dula Perea.

22 Mokete wa Ntjhafalo ya tempele o no o etswa Jerusalema; e ne e le mariha. 23 Jesu o ne a itsamaela tempeleng, mathuleng a Salomone. 24 Yaba Bajuda ba mo teela hare, ba re ho yena: O tla re dikadikisa ho fihlela neneng? Ekare ha o le Kreste, o re bolelle phatlalatsa. 25 Jesu a ba araba, a re: Ke se ke le boleletse, mme ha le a ka la dumela; mesebetsi eo ke e etsang ka lebitso la Ntate ke yona e mpakang. 26 Empa lona ha le dumele, kahobane ha le dinku tsa ka, jwalokaha ke se ke le boleletse. 27 Dinku tsa ka di utlwa lentswe la ka; ke a di tseba, mme di a ntatela. 28 Nna ke di fa bophelo bo sa feleng, mme di ke ke tsa timela le ka mohla o le mong, mme ha ho motho ya ka di utlang letsohong la ka. 29 Ntate ya nneileng tsona o moholo ho bohle; mme ha ho motho ya ka di utlang letsohong la Ntate. 30 Nna le Ntate, re bang feela. 31 Jwale, Bajuda ba boela ba thola majwe, ba tle ba mo tlepetse. 32 Jesu a ba araba, a re: Ke le bontshitse mesebetsi e mengata e metle, e tswang ho Ntate; ke tlepeletswa ofe ho yona na? 33 Bajuda ba mo fetola, ba re: Ha o tlepeletswe mosebetsi o motle, empa ke ka baka la nyefolo, kahobane o re o le motho, o iketsa Modimo. 34 Jesu a ba araba, a re: Na ha ho a ngolwa molaong wa lona, ho thwe: Ke itse: Le medimo? 35 Ekare ha molao o bitsitse medimo bao lentswe la Modimo le tletseng bona, athe Lengolo ha le na ho tlolwa, 36 haele nna ya halaleditsweng, ya romilweng lefatsheng ke Ntate, le ka bolela jwang, la re, ke a nyefola, ha ke itse, ke Mora wa Modimo? 37 Ekare ha ke sa etse mesebetsi ya Ntate, se ntumeleng; 38 empa ekare ha ke e etsa, mme le sa dumele ho nna, dumelang mesebetsi, hore le tle le tsebe, mme le dumele hobane Ntate o ka ho nna, le nna ke ka ho yena. 39 Ka baka leo, ba boela ba batla ho mo tshwara, empa a phonyoha matsohong a bona. 40 Yaba o boela a ya mose wane wa Jordane, moo Johanne a neng a kolobetsa teng pele; mme a dula teng. 41 Ba bangata ba ya ho yena, ba re: Johanne yena ha a ka a etsa mohlolo leha o le mong; empa taba tsohle tse boletsweng ke Johanne hodima enwa ke tsa nnete. 42 Mme moo, ha dumela ba bangata ho yena.

Johanne 11

Jesu o kgutlela Judea ho ya tsosa Lasaro bafung. — Lekgotla le rera Jesu. — O ya dula Efraime.

1 Monna ya kulang, ya bitswang Lasaro, o ne a le teng Bethania, motsaneng wa Maria le Maretha, ngwanabo. 2 Maria ke yena ya neng a tlotsitse Morena ka setlolo, a mo hlakola maoto ka moriri wa hae; Lasaro ya kulang e ne e le kgaitsedi ya hae. 3 Bokgaitsedie ba romela ho Jesu, ba re: Bona, Morena, eo o mo ratang o a kula. 4 Yare ha Jesu a utlwa, a re: Ho kula hoo ha ho ise ho shweng, empa ho isa tlotlisong ya Modimo, hore Mora wa Modimo a tlotliswe ka hona. 5 Jesu o ne a rata Maretha, le Maria, ngwanabo, le Lasaro. 6 Mme leha a ne a utlwile hobane o a kula, a hla a dula matsatsi a mabedi moo a leng teng. 7 A ntoo re ho barutuwa ba hae: A re boeleng re yeng Judea. 8 Barutuwa ba re ho yena: Rabbi, Bajuda ha ba sa tswa batla ho o tlepetsa ka majwe, o se o boela teng na? 9 Jesu a araba, a re: Na hora ha di leshome le metso e mmedi ho letsatsi le le leng na? Ekare ha motho a tsamaya motshehare, a ke ke a kgoptjwa, kahobane o bona lesedi la lefatshe lena. 10 Empa ha motho a tsamaya bosiu, a ka kgoptjwa, kahobane ha ho lesedi ho yena. 11 Eitse hobane a bolele tseo, a re ho bona: Lasaro, motswalle wa rona, o robetse; empa ke ya mo tsosa borokong. 12 Barutuwa ba hae ba re ho yena: Morena, ha a robetse, o tla fola. 13 Athe Jesu o ne a bolela ho shwa ha hae; empa bona ba ne ba lekanya hore o bolela boroko ba ho robala. 14 Jwale, Jesu a ba bolella phatlalatsa, a re: Lasaro o shwele. 15 Mme ke thaba ka baka la lona, ha ke ne ke se teng, le tle le dumele; empa a re yeng ho yena. 16 Yaba Thomase, ya bitswang Didima, o re ho balekane ba hae: A re yeng le rona, re tle re shwe le yena. 17 Jesu ha a fihla, a fumana matsatsi a se a le mane a le lebitleng. 18 Mme Bethania o ne a le haufi le Jerusalema, sebaka e le sa distadia tse ka bang leshome le metso e mehlano. 19 Bajuda ba bangata ba ne ba tlile ho Maretha le ho Maria, ho ba tshedisa bakeng sa ho shwa ha kgaitsedi ya bona. 20 Yare ha Maretha a utlwa hobane Jesu o a tla, a ya mo kgahlanyetsa; empa Maria a sala tlung. 21 Maretha a re ho Jesu: Morena, hojane wa ba teng, kgaitsedi ya ka a ka be a sa ka a shwa. 22 Empa le jwale ke a tseba, hobane tsohle tseo o tla di kopa ho Modimo, Modimo o tla o fa tsona. 23 Jesu a re ho yena: Kgaitsedi ya hao o tla tsoha. 24 Maretha a re ho yena: Ke a tseba hobane o tla tsoha mohla tsoho, letsatsing la bofelo. 25 Jesu a re ho yena: Ke nna tsoho le bophelo; ya dumelang ho nna, leha a shwele, o tla phela. 26 E mong le e mong ya phelang, mme a dumetse ho nna, a ke ke a shwa le ka mohla o le mong. Na o dumela hona na? 27 Yena a re ho Jesu: E, Morena, ke a dumela hobane ke wena Kreste, Mora wa Modimo, eo ho itsweng, o tla tla lefatsheng. 28 Eitse hobane a bue jwalo, a ya bitsa Maria, ngwanabo, sephiring, a re: Moruti o teng, o a o bitsa. 29 Yare ha Maria a utlwa, a phakisa a tloha, a ya ho yena. 30 Jesu o ne a eso ho fihle motseng, empa o ne a sa dutse moo Maretha a mo kgahlanyeditseng teng. 31 Jwale, Bajuda ba neng ba le tlung le yena ba mo tshedisa, ha ba bona hoba Maria o phakisitse a tloha, a ba a tswela ntle, ba mo latela, ba re, o ya lebitleng ho lla teng. 32 Maria eitse ha a fihla moo Jesu a leng teng, ha a mmona, a itihela maotong a hae, a re ho yena: Morena, hojane oa ba teng, kgaitsedi ya ka a ka be a sa ka a shwa. 33 Jesu ha a mmona a lla, le Bajuda ba mo feheleditseng ba lla, a hlabeha moyeng, a sisimoha, 34 a re: Le mmeile kae? Ba re ho yena: Morena, tloo, o bone. 35 Yaba Jesu o a lla. 36 Yaba Bajuda ba re: A le ke le boneng! o ne a mo rata hakakang! 37 Ba bang ho bona ba mpa ba re: Eo ya tutubolotseng mahlo a sefofu, o ne a sitwa keng ho etsa hore enwa a se ke a shwa? 38 Jwale, Jesu a boela a hlabeha kahare ho yena, mme a ya lebitleng. Lebitla e ne e le lehaha, mme lejwe le ne le thibile monyako wa lona. 39 Jesu a re: Tlosang lejwe leo! Maretha, kgaitsedi ya mofu, a re ho yena: Morena, o se a nkga; hobane e se e le la bone a le mona. 40 Jesu a re ho yena: Na ha ke a ka ka o bolella hore, ekare ha o dumela, o tla bona kganya ya Modimo na? 41 Jwale, ba tlosa lejwe moo mofu a beilweng teng. Yaba Jesu o emisetsa mahlo a hae hodimo, a re: Ntate, ke a o leboha hobane o nkutlwile. 42 Ke a tseba hobane o nkutlwa kamehla; empa ke buile jwalo ka baka la bongata bo nteetseng hare, bo tle bo dumele hobane ke wena ya nthomileng. 43 Eitse hobane a bolele tseo, a howa ka lentswele le holo, a re: Lasaro, tswa moo! 44 Yaba mofu o tswa a thatilwe matsoho le maoto ka masela, a kgurumeditswe sefahleho ka tuku. Jesu a re ho bona: Mo lokolleng, le mo lesele a itsamaele. 45 Ba bangata hara Bajuda ba neng ba tlile ho Maria, ha ba bona tse entsweng ke Jesu, ba dumela ho yena. 46 Empa ba bang ho bona ba ya ho bafarisi, ba ba phetela tseo Jesu a di entseng. 47 Yaba baprista ba baholo le bafarisi ba bokella lekgotla, ba re: Re tla etsang, haele mona motho eo a etsa mehlolo e mengata na? 48 Ekare ha re mo lesela jwalo, bohle ba tla dumela ho yena, mme Baroma ba tla tla, ba timetse motse wa rona le setjhaba sa rona. 49 E mong wa bona, Kaiafa, eo e neng e le moprista e moholo ka selemo seo, a re ho bona: Lona, ha le utlwisise letho. 50 Ha le hopole hobane ho ka ba molemo ho rona ha setjhaba se ka shwelwa ke motho a le mong, setjhaba kaofela se se ke sa timela. 51 O ne a sa bue jwalo a iqalla, empa, kahobane e ne e le moprista e moholo ka selemo seo, a poforeta hore Jesu o tshwanetse ho tla shwela setjhaba, 52 e seng setjhaba feela, empa le hore a bokelle hammoho bana ba Modimo ba qhalaneng. 53 Ho qala mohlang oo, ba rera hammoho hore ba tle ba mmolaye. 54 Ka baka leo, Jesu ha a ka a hlola a tsamaya pontsheng hara Bajuda; a mpa a tloha moo, a ya motseng o bitswang Efraime, naheng e haufi le nahathote, mme e hlola teng le barutuwa ba hae.

Jesu o lebeletswe Jerusalema ka mokete wa Paseka. — O fihla Bethania. — Maria o tlotsa maoto a Jesu ka setlolo.

55 Paseka ya Bajuda ha e se e le haufi, ba bangata ba nyolohela Jerusalema, e eso ho be Paseka, ba tle ba itlhwekise. 56 Ba ne ba batla Jesu, ba botsana ba eme tempeleng, ba re: Lona, ha le lekanya, le reng? Na a ke ke a tla moketeng? 57 Mme baprista ba baholo le bafarisi ba ne ba entse molao wa hore, ekare ha motho a tseba moo a leng teng, e ka kgona a mmolele, ba tle ba mo tshware.

Johanne 12

1 Eitse ha ho se ho tla feta matsatsi a tsheletseng, e ntoo ba Paseka, Jesu a fihla Bethania, moo Lasaro ya neng a shwele, a bileng a tsoswa ke yena, a neng a le teng. 2 A etsetswa selallo teng; Maretha o ne a ba sebeletsa; mme Lasaro e ne e le e mong wa ba dutseng dijong le yena. 3 Yaba Maria o nka ponto ya setlolo sa nareda e hlwekileng e theko e thata, a tlotsa maoto a Jesu, mme a mo hlakola maoto ka moriri wa hae. Ntlo ya ya ba ya tlala monkgo wa setlolo. 4 Yaba e mong wa barutuwa ba hae, Judase Iskariota, mora Simone, ya neng a tla mo eka, o re: 5 Setlolo seo se ne se sa rekeleng didenare tse makgolo a mararo, tsa newa bafumanehi na? 6 A rialo, e seng kahobane a ne a hlokomela bafumanehi, empa e le kahobane e ne e le leshodu; ke yena ya neng a na le mokotlana wa ditjhelete, mme o ne a inkela se kenngwang teng. 7 Empa Jesu a re: Mo lese; o se boloketse letsatsi la ho epelwa ha ka. 8 Hobane haele bafumanehi, le tla nne le be le bona kamehla; empa nna, le ke ke la ba le nna kamehla. 9 Bajuda ba bangata haholo ba utlwa hore o hona moo, mme ba tla, e seng ho bona Jesu feela, ba tla le ho bona Lasaro eo a neng a mo tsositse bafung. 10 Baprista ba baholo ba mpa ba rera hammoho ho bolaya le yena Lasaro. 11 Hobane Bajuda ba bangata ba ne ba ba tlohela ka baka la hae, mme ba ne ba dumela ho Jesu.

Jesu o kena Jerusalema.

12 Ka hosasane, bongata bo boholo bo tlileng moketeng, yare ha bo utlwa hore Jesu o tla Jerusalema, 13 ba nka makala a difate tsa palema, mme ba tswela ho mo kgahlanyetsa, ba howa, ba re: Hosanna! ho bokwe morena wa Iseraele, ya tlang ka lebitso la Morena! 14 Jesu a fumana petsana ya esele, a e kalla; jwalokaha ho ngodilwe, ho thwe: 15 Se tshabe, moradi wa Sione; bona, Morena wa hao ke eo ya tlang, a kaletse petsana ya esele. 16 Barutuwa ba hae ha ba ka ba utlwisisa taba tseo, hona mohlang oo; empa, eitse hobane Jesu a tlotliswe, ba elellwa hobane taba tseo di ne di ngodilwe hodima hae, le hobane ba mo entse tsona. 17 Bongata bo nang le yena bo ne bo paka hore o bitsitse Lasaro lebitleng, mme o mo tsositse bafung. 18 Ke ka baka leo hape ba bangata ba ileng ho mo kgahlanyetsa, kahobane ba ne ba utlwile mohlolo oo o entsweng ke yena. 19 Bafarisi ba bolellana ke hona, ba re: Lemohang hobane ha le thuse letho; bonang, lefatshe lohle le mo setse morao.

Jesu o hlalosa tsa lefu la hae. — Ho se dumele ha Bajuda.

20 Ha bo ho le Bagerike hara ba tlileng moketeng ho rapela. 21 Ba tla ho Filipi wa Bethsaida wa Galilea, ba mo kopa, ba re: Monghadi, re rata ho bona Jesu. 22 Filipi a tla, a bolella Andrease, mme Andrease le Filipi ba bolella Jesu. 23 Jesu a ba araba, a re: Nako e tlile eo Mora motho a tla tlotliswa ka yona. 24 Kannetenete ke re ho lona: Ekare ha hlaku ya mabele, e wetseng mobung, e sa shwe, e tla dula e nnotshi; empa ha e eshwa, e hlahisa dijo tse ngata. 25 Ya ratang bophelo ba hae, o tla lahlehelwa ke jona; empa ya hloyang bophelo ba hae lefatsheng lena, o tla bo bolokela bophelo bo sa feleng. 26 Ekare ha motho a ntshebeletsa, a ntatele; mme moo ke leng teng, ya ntshebeletsang le yena o tla ba teng; ekare ha motho a ntshebeletsa, Ntate o tla mo tlotlisa. 27 Jwale, moya wa ka o a sisimoha; mme ke tla reng? Na ke tla re: Ntate, o ntwele nakong ena? Empa ke yona ntho eo ke tletseng nako ena. 28 Ntate, tlotlisa lebitso la hao! Yaba lentswe le a tla le etswa lehodimong, la re: Ke se ke le tlotlisitse, mme ke tla nne ke le tlotlise! 29 Bongata bo emeng moo, hobane bo utlwe, ba re: Le dumile. Ba bang ba re: Lengeloi le buile le yena. 30 Jesu a araba, a re: Lentswe leo ha le a etsetswa nna, empa le etseditswe lona. 31 Jwale, e se e le kahlolo ya lefatshe lena; jwale, morena wa lefatshe lena o tla lelekelwa ntle. 32 Mme nna, etlare hobane ke nyollwe lefatsheng, ke tla hulela batho bohle ho nna. 33 A rialo a lekanya lefu leo a tla shwa ka lona. 34 Bongata ba mo araba, ba re: Rona re utlwile ka molao hore Kreste o tla ba teng ka ho sa feleng, mme wena, o bolela jwang hobane e ka kgona Mora motho a nyollwe na? Mora motho eo ke mang? 35 Jesu a re ho bona: Le sa na le lesedi ka motsotso o se okae. Tsamayang ha le sa na le lesedi, hore lefifi le se ke la le tshwara; hobane ya tsamayang lefifing, ha a tsebe moo a yang teng. 36 Ha le sa ntse le ena le lesedi, dumelang ho lesedi, le tle le fetohe bana ba lesedi.

Jesu a bolela taba tseo, a ntoo tloha, a ipatela bona.

37 Leha a ne a entse mehlolo e kalo pontsheng ho bona, ba ne ba sa dumele ho yena; 38 hore ho tle ho etsahale polelo ya moporofeta Esaia, ha a re: Morena, ke mang ya dumetseng seo a se utlwileng ho rona? Mme letsoho la Morena le bonahetse ho mang? 39 Ka baka leo, ba ne ba sitwa ho dumela, hobane Esaia o boetse a re: 40 O foufaditse mahlo a bona, mme o ba thatafaditse dipelo, hore ba se ke ba bona ka mahlo, ba se ke ba utlwisisa ka dipelo, ba se ke ba sokoloha, mme ke se ke ka ba fodisa. 41 Esaia o boletse taba tseo, mohla a bonang kganya ya hae, mme a bolela tsa hae. 42 Leha ho le jwalo, ba bangata, le hara baholo, ba dumela ho yena; empa ba ne ba sa ipolele ka baka la bafarisi, esere ba lelekwa sinagogeng; 43 hobane ba ratile thoriso e tswang ho batho, ho fetisa thoriso e tswang ho Modimo. 44 Jesu a mpa a howa, a re: Ya dumelang ho nna, ha a dumele ho nna, empa o dumela ho ya nthomileng. 45 Ya ntadimang, o tadima ya nthomileng. 46 Nna, ke tlile lefatsheng, ke le lesedi, hore e mong le e mong ya dumelang ho nna, a se ke a dula lefifing. 47 Ekare ha e mong a utlwa mantswe a ka, mme a sa dumele, nna ha ke mo ahlole; hobane ha ke a tla ho ahlola lefatshe, empa e le ho pholosa lefatshe. 48 Ya ntahlang, mme a sa amohele mantswe a ka, o na le ya mo ahlolang; lentswe leo ke le buileng, ke lona le tla mo ahlola ka letsatsi la bofelo. 49 Hobane ha ke a ka ka bolela ke iqalla tsa ka, empa Ntate ya nthomileng ke yena ya nneileng taelo ya seo ke tla se bolela, le ya mokgwa oo ke tla se bolela ka wona. 50 Mme ke a tseba hobane taelo ya hae ke bophelo bo sa feleng; mme jwale, seo ke se bolelang, ke se bolela jwalokaha Ntate a mpoleletse sona.

Johanne 13

Paseka. — Jesu o hlatswa maoto a barutuwa ba hae.

1 Mokete wa Paseka ha o se o tla etswa, Jesu, ka ho tseba hobane nako ya hae e tlile ya ho tloha lefatsheng, ho ya ho Ntatae, jwalokaha a ne a ratile ba hae ba lefatsheng, a ba rata le ho isa qetellong. 2 Ha ho ntse ho lallwa, Diabolose a se a kentse pelong ya Judase Iskariota, mora Simone, takatso ya ho mo eka, 3 Jesu, ka ho tseba hobane Ntatae o mo neile dintho tsohle matsohong, le hobane o tswile ho Modimo, mme o ya ho Modimo, 4 a tsoha selallong, a hlobola kobo ya hae, a nka lesela, mme a itlama ka lona. 5 A ntoo tshela metsi mokekeng, mme a qala ho hlatswa maoto a barutuwa ba hae, a a hlakola ka lesela leo a itlamileng ka lona. 6 A tla le ho Simone Petrose; eo a mpa a re ho yena: Morena, na wena o ka hlatswa maoto a ka na? 7 Jesu a mo araba, a re: Seo ke se etsang, ha o se tsebe hona jwale, empa o tla se tseba hamorao. 8 Petrose a re ho yena: O ke ke wa ba wa hlatswa maoto a ka le ka mohla o le mong. Jesu a mo araba, a re: Ekare ha ke sa o hlatswe, ha o na kabelo ho nna. 9 Simone Petrose a re ho yena: Morena, a e se be maoto a ka feela, e be le wona matsoho le hlooho. 10 Jesu a re ho yena: Ya seng a hlatswitswe ha a sa na ho hlatsuwa, haese maoto feela, mme etlaba o se a hlwekile kahohle. Lona le hlwekile, empa e seng bohle. 11 Hobane o ne a tseba ya tla mo eka; ke ka baka leo a itseng: Ha le a hlweka bohle. 12 Yare hobane a qete ho hlatswa maoto a bona, a nka kobo ya hae, a boela a dula; mme a re ho bona: Hleka le utlwisisa seo ke le entseng sona na? 13 Le mpitsa Moruti le Morena, mme le bolela hantle, hobane ke yena. 14 Mme jwale, ekare ha nna, ke leng Morena le Moruti, ke hlatswitse maoto a lona, le lona le tshwanetse ho hlatswana maoto. 15 Hobane ke le beetse mohlala, hore le etse jwalokaha ke le entse. 16 Kannetenete ke re ho lona: Mohlanka ha a moholo ho morena wa hae, le lenqosa ha le leholo ho ya le romileng. 17 Ekare ha le tseba taba tseo, le lehlohonolo ha le di etsa. 18 Ha ke bue ka lona kaofela; ke tseba bao ke ba kgethileng, empa ke hore Lengolo le tle le etsahale, le reng: Ya jang bohobe le nna o nthahile ka serethe sa hae. 19 Ke le bolella taba eo e sa le jwale, e eso ho hlahe, hore mohla e hlahang, le dumele hobane ke nna. 20 Kannetenete ke re ho lona: Ya amohelang eo ke mo romang, o amohela nna; mme ya amohelang nna, o amohela ya nthomileng.

Jesu o senola keko ya Judase.

21 Eitse ha Jesu a boletse taba tseo, a sisimoha moyeng, a tiisa, a re: Kannetenete ke re ho lona: E mong wa lona o tla nkeka. 22 Yaba barutuwa ba tadimana, ba tsielwa hoba o lekanya mang. 23 E mong wa barutuwa ba hae, eo Jesu a mo ratang, o ne a itshetlile sefubeng sa Jesu. 24 Yaba Simone Petrose o mo nyemotsa, hore a botse hoba o bolela mang. 25 Eo, ha a ntse a itshetlehile sefubeng sa Jesu, a mmotsa, a re: Morena, ke mang? 26 Jesu a araba, a re: Ke yena eo ke tla mo nea sengwathwana, hobane ke se qopetse. Eitse hobane a se qopetse, a se nea Judase Iskariota, mora Simone. 27 Eitse hobane a nke sengwathwana, Satane a kena ho yena. Jwale, Jesu a re ho yena: Seo o se etsang, hlo o se etse kapele. 28 Empa ha ho a ka ha eba le a mong ho ba dutseng dijong, ya utlwisisang moo polelo eo e isang teng. 29 Erekaha Judase e ne e le yena ya nang le mokotlana wa ditjhelete, ba bang ba ne ba lekanya eka Jesu o mmolella, a re: O reke seo re se hlokelang mokete, leha e le se ka newang bafumanehi. 30 Eo a mpa a nka sengwathwana, a phakisa a tswa; e ne e le bosiu.

Dikgothatso tsa Jesu tsa ho qetela. — Dipotso tsa Petrose, Thomase, Filipi le Judase, tseo ka baka la tsona Jesu a buileng tsa ho ratana, tsa ho tla ha Moya, le tsa kgotso ya hae.

31 Yare ha Judase a tswile, Jesu a re: Jwale, Mora motho o tlotlisitswe, mme Modimo o tlotlisitswe ka yena. 32 Mme ha Modimo o tlotlisitswe ka yena, Modimo o tla mo tlotlisa le yena ho wona, mme o tla phakisa o mo tlotlise. 33 Bana ba ka, ke sa dutse le lona ho se hokae; le tla mpatla, mme jwalokaha ke boleletse Bajuda, ka re: Moo ke yang teng, lona le ka sitwa ho tla, jwale ke rialo le ho lona. 34 Ke le nea molao o motjha, ke hore le ratane; jwalokaha ke le ratile, ratanang jwalo le lona. 35 Seo bohle ba tla tseba hobane le barutuwa ba ka ka sona, ke ha le ratana. 36 Simone Petrose a re ho yena: Morena, o ya kae? Jesu a mo araba, a re: Moo ke yang teng, o ka sitwa ho ntatela jwale; empa hamorao o tla ntatela teng. 37 Petrose a re ho yena: Morena, nka sitwa keng ho o latela jwale? Athe ke tla tela bophelo ba ka ka baka la hao. 38 Jesu a mo araba, a re: O re, o tla tela bophelo ba hao ka baka la ka na? Kannetenete ke re ho wena: Mokoko o eso ho lle, o tla be o se o ntatotse hararo.

Johanne 14

1 Pelo tsa lona di se ferekane; dumelang ho Modimo, le ho nna le dumele. 2 Meaho e mangata ka tlung ya Ntate; hojane ha ho jwalo, nka be ke le boleletse; ke ya ho le lokisetsa bodulo. 3 Mme etlare ha ke se ke ile, ke le lokiseditse bodulo, ke tla boela ke boye, ke le nkele ho nna, hore moo nna ke leng teng, le lona le be teng. 4 Mme moo ke yang, le a tseba, le tsela le a e tseba. 5 Thomase a re ho yena: Morena, ha re tsebe moo o yang; tsela re ka e tseba jwang na? 6 Jesu a re ho yena: Ke nna tsela, le nnete, le bophelo; ha ho motho ya ka tlang ho Ntate, haese ka nna. 7 Hoja le a ntseba, le ka be le tseba le Ntate; mme ho tloha jwale, le a mo tseba, le bile le mmone. 8 Filipi a re ho yena: Morena, re bontshe Ntate, mme etlaba ho re lekane. 9 Jesu a re ho yena: Ke dutse le lona nako e kalo, mme ha o a ka wa ntseba, Filipi, na? Ya mponeng o bone Ntate, mme o ka rialo jwang, ha o re: Re bontshe Ntate? 10 Na ha o dumele hobane ke ho Ntate, le hobane Ntate o ho nna? Mantswe ao ke le bolellang wona, ha ke a bolele ke nnotshi; mme Ntate ya dutseng ho nna, ke yena ya etsang mesebetsi eo ke e etsang. 11 Ntumeleng, hobane ke ho Ntate, le hoba Ntate o ho nna; ho se jwalo, ntumeleng ka baka la yona mesebetsi. 12 Kannetenete ke re ho lona: Ya dumelang ho nna, mesebetsi eo ke e etsang, o tla e etsa le yena, o tla etsa le e fetisang ena, kahobane ke ya ho Ntate; 13 mme tsohle tseo le tla di kopa ka lebitso la ka, ke tla di etsa, hore Ntate a tlotliswe ka Mora. 14 Ekare ha le kopa ntho ka lebitso la ka, ke tla e etsa. 15 Ekare ha le nthata, bolokang melao ya ka. 16 Mme ke tla rapela Ntate, mme o tla le nea Moemedi e mong, a tle a dule le lona ka ho sa feleng; 17 ke ho re, Moya wa nnete, oo lefatshe le sa tlo ka le o amohela, kahobane ha le o bone, mme ha le o tsebe; empa lona le a o tseba, hobane o dula le lona, mme o tla ba ka ho lona. 18 Ha nka ke ka le tlohela la ba dikgutsana; ke sa tla boela ho lona. 19 Ho se ho se hokae, mme lefatshe ha le sa tla mpona; empa lona le tla mpona; erekaha nna ke phela, le lona le tla phela. 20 Ka tsatsi leo, le tla tseba hobane nna ke ho Ntate, le lona le ho nna, le nna ke ho lona. 21 Ya nang le melao ya ka, mme a e boloka, ke yena ya nthatang; mme ya nthatang o tla ratwa ke Ntate; le nna ke tla mo rata, mme ke tla ipontsha yena. 22 Judase, e seng Iskariota, a re: Morena, ke kang ha o tla ipontsha rona, o sa ipontshe lefatshe? 23 Jesu a araba, a re ho yena: Ekare ha motho a nthata, o tla boloka lentswe la ka; Ntate o tla mo rata, mme re tla tla ho yena, re ahe ho yena. 24 Ya sa nthateng, ha a boloke mantswe a ka; mme lentswe leo le le utlwang, hase la ka, empa ke la Ntate ya nthomileng. 25 Ke le boleletse taba tseo, ke sa dutse le lona; 26 empa Moemedi, e leng Moya o Halalelang, eo Ntate a tla mo roma ka lebitso la ka, ke yena ya tla le ruta tsohle, mme o tla le hopotsa le tsohle tseo ke le boleletseng tsona. 27 Ke le siela kgotso; ke le fa kgotso ya ka; ha ke le fe kamoo lefatshe le fang kateng. Dipelo tsa lona di se ferekane, mme di se tshohe. 28 Le utlwile ha ke itse ho lona: Ke a ya, mme ke tla boela ho lona. Hoja le a nthata, le ka be le thabile, ha ke itse: Ke ya ho Ntate; hobane Ntate o moholo ho nna. 29 Mme jwale ke le boleletse tsona di eso ho hlahe, hore mohla di hlahang, le tle le dumele. 30 Ha nka ke ka hlola ke bua le lona haholo, hobane morena wa lefatshe lena o a tla; mme ha a na letho ho nna. 31 Empa hore lefatshe le tsebe hobane ke rata Ntate, le hoba ke etsa kamoo Ntate a ntaetseng kateng, emang, a re tloheng mona.

Johanne 15

Sefate sa morara le makala a sona.

1 Ke nna sefate sa nnete sa morara, mme molemi ke Ntate. 2 Lekala le leng le le leng le ho nna, le sa beheng, o a le rema; mme le leng le le leng le behang, o a le hlahola hore le tle le eketse ho beha. 3 Lona, le se le hlahotswe ka lentswe leo ke le boleletseng lona. 4 Dulang ho nna, le nna ho lona. Jwaloka lekala ha le sitwa ho beha le nnotshi, ha le sa kgomarele sefate, ho jwalo le lona ha le sa nkgomarele. 5 Ke nna sefate sa morara, mme lona le makala. Ya dulang ho nna, le nna ke dula ho yena, eo o beha haholo; hobane kantle ho nna le ka sitwa ho etsa letho. 6 Ekare ha motho a sa dule ho nna, o lahlelwa ntle, jwaloka lekala, mme o a omella; mme makala a omeletseng a ye a rwallwe, a lahlelwe mollong, a tjhe. 7 Ha le dula ho nna, mme mantswe a ka a dula ho lona, le ka kopa seo le se ratang, mme le tla etsetswa sona. 8 Moo Ntate a tlotliswang teng, ke ha le beha haholo: le hona ke moo le tla ba barutuwa ba ka. 9 Jwalokaha Ntate a nthatile, le nna ke le ratile jwalo; dulang leratong la ka. 10 Ha le boloka melao ya ka, le tla dula leratong la ka, jwalokaha le nna ke bolokile melao ya Ntate, mme ke dutse leratong la hae. 11 Ke le boleletse taba tseo, hore thabo ya ka e dule ho lona, mme thabo ya lona e tlale. 12 Molao wa ka ke hoba le ratane, jwalokaha ke le ratile. 13 Ha ho motho ya nang le lerato le fetang la ya tellang metswalle ya hae bophelo ba hae. 14 Lona le tla ba metswalle ya ka, ha le etsa tsohle tseo ke le laelang tsona. 15 Ha ke sa tla le bitsa bahlanka, kahobane mohlanka ha a tsebe se etswang ke morena wa hae; ke le bitsitse metswalle, kahobane ke le tsebisitse tsohle tseo ke di utlwileng ho Ntate. 16 Hase lona le nkgethileng, ke nna ke le kgethileng, mme ke le beile hore le ye, mme le behe, mme ho beha ha wona ho tiye, e leng hore tsohle tseo le ka di qelang ho Ntate ka lebitso la ka, a le fe tsona. 17 Ke le laela tseo, le tle le ratane.

Hloyo ya lefatshe.

18 Ekare ha lefatshe le le hloya, le tsebe hobane le ntlhoile pele ho lona. 19 Hojane le le ba lefatshe, lefatshe le ka be le rata se sa lona; erekaha le se ba lefatshe, ke mpa ke le kgethile lefatsheng, ka baka leo, lefatshe le le hloile. 20 Hopolang lentswe leo ke le boleletseng lona, ha ke ne ke re: Mohlanka ha a moholo ho morena wa hae. Ha ba ntlhorisitse, ba tla le hlorisa le lona; ha ba bolokile lentswe la ka, ba tla boloka le la lona. 21 Empa ba tla le etsa tsohle tseo ka baka la lebitso la ka, kahobane ha ba tsebe ya nthomileng. 22 Hojane ke se ke ka tla, ka bua le bona, ba ka be ba se na sebe; empa jwale, ha ba na seo ba ka qobeletsang sebe sa bona ka sona. 23 Ya ntlhoyang, o hloya le Ntate. 24 Hojane ke se ke ka etsa hara bona mesebetsi eo ho seng motho le a mong ya e entseng, ba ka be ba se na sebe; jwale ba bone, mme ba hloile nna le Ntate. 25 Empa e le hore lentswe le ngodilweng molaong wa bona le etsahale, le reng: Ba ntlhoile feela. 26 Etlare hobane ho tle Moemedi eo ke tla mo roma ho lona, a etswa ho Ntate, e leng Moya wa nnete, o tswang ho Ntate, ke yena ya tla paka tsa ka. 27 Le lona le tla paka, hobane le bile le nna haesale le ho qaleng.

Johanne 16

Dihloriso.

1 Ke le boleletse taba tseo, le tle le se ke la kgoptjwa. 2 Ba tla le leleka masinagogeng; esita le nako e a tla, eo e mong le e mong ya le bolayang a tla hloma eka o sebeletsa Modimo. 3 Ba tla le etsa tseo, ke hobane ha ba tsebe Ntate, leha e le nna. 4 Ke mpa ke le boleletse taba tseo, hore nako ya tsona ha e tlile, le tle le hopole hobane ke na be ke le boleletse tsona. Ha ke sa ka ka le bolella tsona esale ho qaleng, ke hobane ke ne ke sa na le lona.

Maswabi a tlang ho fetoha thabo.

5 Jwale ke ya ho ya nthomileng, mme ha ho e mong ho lona ya mpotsang hore: O ya kae? 6 Empa kahobane ke le boleletse tseo, dipelo tsa lona di tletse maswabi. 7 Leha ho le jwalo, ke le bolella nnete: ho molemo ho lona ha nka ikela; hobane ha ke sa ye, Moemedi a ke ke a tla ho lona; empa ha ke eya, ke tla mo romela ho lona. 8 Mme etlare hobane yena a tle, o tla kgodisa lefatshe, hore sebe se teng, le ho loka, le kahlolo: 9 sebe se teng, hobane ha ba dumele ho nna; 10 ho loka ho teng, hobane ke ya ho Ntate, mme le ke ke la hlola le mpona; 11 kahlolo e teng, hobane morena wa lefatshe lena o se a ahlotswe. 12 Ke sa na le ditaba tse ngata tseo nka beng ke le bolella tsona; empa haele jwale, di ka le imela. 13 Empa etlare hobane eo a tle, e leng Moya wa nnete, o tla le tsamaisa nneteng yohle; hobane o ke ke wa bua o iqalla tsa wona; empa tsohle tseo o di utlwileng, o tla di bolela; le hona o tla le tsebisa tse tla tla. 14 Wona o tla ntlotlisa, hobane o tla nka tse ho nna, o le tsebise tsona. 15 Tsohle tseo Ntate a nang le tsona, ke tsa ka; ke ka baka leo ke itseng: O tla nka tse ho nna, o le tsebise tsona.

Ho boya ha Jesu.

16 Ho se ho se hokae, mme ha le ka ke la mpona; hape, ho se ho se hokae, mme le tla boela le mpone, hobane ke ya ho Ntate. 17 Barutuwa ba hae ba bang ba botsana, ba re: Taba eo a re bolellang yona ke ya eng, ha a re: Ho se ho se hokae, mme ha le ka ke la mpona; hape, ho se ho se hokae, mme le tla boela le mpone; hape ha a re: Ke ya ho Ntate? 18 Mme ba re: Ke ho reng, ha a re: Ho se ho se hokae? Ha re tsebe seo a se lekanyang. 19 Jesu a tseba hobane ba rata ho mmotsa, a ba a re ho bona: Le botsana seo ke tswa se bolela, ha ke itse: Ho se ho se hokae, mme ha le ka ke la mpona; hape, ho se ho se hokae, mme le tla boela le mpone. 20 Kannetenete ke re ho lona: Le tla lla, le be le lle, mme lefatshe le tla thaba; le tla utlwa bohloko, empa bohloko ba lona bo tla fetoha thabo. 21 Ere mosadi ha a beleha, a utlwe bohloko, hobane nako ya hae e tlile; empa ha a tswetse ngwana, a lebale tsietsi ya hae ka baka la thabo ya hobane motho o tswetswe lefatsheng. 22 Le lona le utlwa bohloko jwale; empa ke tla boela ke le bone, mme dipelo tsa lona di tla thaba, mme ha ho motho ya tla le amoha thabo ya lona. 23 Ka tsatsi leo, ha le ka ke la mpotsa letho. Kannetenete ke re ho lona: Ntho tsohle tseo le tla di qela ho Ntate ka lebitso la ka, o tla le fa tsona. 24 Ho fihlela jwale, ha le eso ho kope letho ka lebitso la ka; kopang, mme le tla fuwa, thabo ya lona e tle e tlale.

Ditumedisano tsa Jesu le barutuwa ba hae. — Tumelo ya bona.

25 Ke le boleletse taba tseo ka dipapiso; empa nako e a tla, eo ke sa tlo hlola ke bua le lona ka dipapiso; ke mpa ke tla le tsebisa tsa Ntate phatlalatsa. 26 Mohlang oo, le tla kopa ka lebitso la ka; mme ha ke le bolelle hore ke tla le rapella ho Ntate; 27 hobane Ntate o a le rata e le yena, kahobane le nthatile, mme le dumetse hoba ke tswa ho Modimo. 28 Ke tswile ho Ntate, ka tla lefatsheng; jwale, ke boela ke tlohela lefatshe, ke ya ho Ntate. 29 Barutuwa ba hae ba re ho yena: Bona, jwale o bua phatlalatsa; ha o sa bolela dipapiso. 30 Jwale, re a lemoha hobane o tseba tsohle, mme ha o a tshwanelwa ke ho botswa letho ke motho; ke ka baka leo re dumelang hobane o tswa ho Modimo. 31 Jesu a ba araba, a re: Jwale le a dumela. 32 Bonang, nako e a tla, le jwale e se e tlile, eo le tla qhalana ka yona, e mong le e mong a ye ka tsela ya hae, le ntlohele ke nnotshi; empa ha ke nnotshi, hobane Ntate o na le nna. 33 Ke le boleletse taba tseo, hore le be le kgotso ho nna. 34 Le tla ba le mahlomola lefatsheng; le mpe le bete dipelo; ke hlotse lefatshe.

Johanne 17

Thapelo ya boprista.

1 Jesu a bolela taba tseo, a ntoo lelaletsa mahlo a hae lehodimong, a re: Ntate, nako e tlile! Tlotlisa Mora wa hao, hore Mora wa hao a o tlotlise le yena; 2 hobane o mo neile borena hodima nama yohle, hore bohle bao o mo neileng bona a ba nee bophelo bo sa feleng. 3 Mme bophelo bo sa feleng, ke hore ba o tsebe, wena Modimo o nnotshi wa nnete, le Jesu Kreste eo o mo romileng. 4 Ke o tlotlisitse lefatsheng, ke phethile mosebetsi oo o neng o nneile wona hore ke o etse. 5 Jwale, wena Ntate, o ntlotlise ho wena ka kganya eo ke neng ke ena le yona ho wena, lefatshe le eso ho be teng. 6 Lebitso la hao ke le senoletse batho bao o nneileng bona lefatsheng; e ne e le ba hao, mme o nneile bona, mme ba bolokile lentswe la hao. 7 Ba tsebile jwale hobane tsohle tseo o nneileng tsona, di tswa ho wena. 8 Hobane ke ba neile dipolelo tseo o nneileng tsona, mme ba di amohetse, mme ba tsebile kannete hobane ke tswa ho wena, mme ba dumetse hore ke wena o nthomileng. 9 Ke a ba rapella; ha ke rapelle lefatshe, ke rapella bao o nneileng bona, hobane ke ba hao. 10 Mme tsohle tsa ka ke tsa hao, mme tsa hao ke tsa ka; mme ke tlotliswa ka bona. 11 Ha ke sa le lefatsheng, empa bona ba sa le lefatsheng; mme nna ke tla ho wena. Ntate ya halalelang, boloka ka lebitso la hao bao o nneileng bona, ba tle ba be bang, jwaloka rona. 12 Enere ha ke sa na le bona lefatsheng, ka nna ka ba boloka ka lebitso la hao. Ke sireleditse bao o nneileng bona, mme ha ho le a mong wa bona ya timetseng, haese mora timelo, hore Lengolo le etsahale. 13 Empa jwale, ke tla ho wena, mme ke bolela taba tsena ke sa le lefatsheng, hore ba be le thabo ya ka, mme e tlale ho bona. 14 Ke ba file lentswe la hao, mme lefatshe le ba hloile, kahobane e se ba lefatshe, jwalokaha le nna ke se wa lefatshe. 15 Ha ke o rapele hore o ba tlose lefatsheng, empa e le hore o ba sireletse bobeng. 16 Hase ba lefatshe, jwalokaha le nna ke se wa lefatshe. 17 O ba halaletse ka nnete ya hao; lentswe la hao ke nnete. 18 Jwalokaha o nthomile lefatsheng, le nna ke ba romile lefatsheng. 19 Mme ke ikgalalletsa bona, hore le bona ba halaletswe ka nnete. 20 Ha ke rapelle bona feela, empa ke rapella le ba tlang ho dumela ho nna ka polelo ya bona, 21 bohle ba tle ba be bang, jwalokaha wena, Ntate, o le ho nna, le nna ke le ho wena; le bona ba be bang ho rona, hore lefatshe le tle le dumele hoba o nthomile. 22 Kganya eo o nneileng yona, ke ba neile yona, ba tle ba be bang, jwalokaha rona re le bang; 23 nna ke be ho bona, mme wena o be ho nna, ba tle ba phethehe bonngweng, lefatshe le tle le tsebe hoba o nthomile, le hoba o ba ratile jwalokaha o nthatile. 24 Ntate, bao o nneileng bona, ke rata hore moo ke leng teng, le bona ba be teng le nna, ba tle ba tadime kganya ya ka, eo o nneileng yona; hobane o nthatile lefatshe le eso ho thewe. 25 Ntate ya lokileng, lefatshe ha le a ka la o tseba, empa nna ke o tsebile; le bana ba tsebile hoba o nthomile. 26 Ke ba tsebisitse lebitso la hao, mme ke tla nne ke ba tsebise lona, hore lerato leo o nthatileng ka lona le be ho bona, le nna ke be ho bona.

Johanne 18

Jesu o a tshwarwa.

1 Eitse hobane Jesu a bolele taba tseo, a tswa le barutuwa ba hae, a ya mose wane wa molatswana wa Kedrone, moo tshimo e neng e le teng; mme a kena teng le barutuwa ba hae. 2 Judase, ya mo ekang, le yena o ne a tseba nqalo eo; hobane Jesu o ne a phuthehetse teng hangata le barutuwa ba hae. 3 Yaba Judase o ya le sehlopha, le bahlanka ba baprista ba baholo le ba bafarisi, a tla ka dilanterene, le ka dirumula, le ka dibetsa. 4 Jesu, kahobane a ne a tseba tsohle tse tla mo hlahela, a tswela ho bona, a re ho bona: Le batla mang? 5 Ba mo araba, ba re: Jesu wa Nasaretha. Jesu a re ho bona: Ke nna enwa. Le yena Judase ya mo ekang, o ne a eme le bona. 6 Eitse hobane a ba bolelle, a re: Ke nna enwa, ba sutha kasanthao, ba wela fatshe. 7 Yaba o boela a ba botsa, a re: Le batla mang? Ba re: Jesu wa Nasaretha. 8 Jesu a araba, a re: Ke le boleletse hore ke nna enwa. Ha le fela le batla nna, lesang batho bana ba ikele. 9 Ya eba hore lentswe le etsahale, leo a neng a le boletse, ha a itse: Ha ke a ka ka lahla le a mong wa bao o nneileng bona. 10 Simone Petrose o ne a ena le sabole; a e tsomola, a hlatha mohlanka wa moprista e moholo, a mo kgaola tsebe e tona. Lebitso la mohlanka eo e ne e le Malkuse. 11 Yaba Jesu o re ho Petrose: Busetsa sabole ya hao selateng; na nke ke ka nwa senwelo seo ke se neilweng ke Ntate? 12 Jwale sehlopha, le molaodi wa sekete, le bahlanka ba Bajuda, ba tshwara Jesu, ba mo tlama, 13 ba mo isa ho Anna pele; hobane e ne e le ntata mosadi wa Kaiafa, moprista e moholo wa selemo seo. 14 Ke yena Kaiafa ya neng a eleditse Bajuda, hore ho ka ba molemo ha motho a le mong a ka shwela setjhaba. 15 Simone Petrose o ne a latela Jesu, a ena le morutuwa e mong; morutuwa eo o ne a tsejwa ke moprista e moholo, mme a kena le Jesu lebaleng la moprista e moholo. 16 Empa Petrose a ema monyako kantle. Yaba morutuwa eo, ya tsejwang ke moprista e moholo, o tswela ntle, a bua le molebedi wa monyako, mme a kenya Petrose kateng. 17 Jwale, lekgabunyane leo e leng molebedi wa monyako, la re ho Petrose: Ha ke re, le wena o e mong wa barutuwa ba motho enwa na? A re: Ha ke yena. 18 Bahlanka le manqosa ba ne ba le moo, ba besitse mollo, kahobane ho ne ho hatsetse, mme ba ne ba ikomosa; le yena Petrose o ne a eme le bona, a ikomositse. 19 Jwale, moprista e moholo a botsa Jesu bakeng sa barutuwa ba hae le thuto ya hae. 20 Jesu a mo araba, a re: Ke buile le batho bohle pepeneneng, ka bua sinagogeng le tempeleng kamehla yohle, moo Bajuda bohle ba phuthehelang teng; ha ke a ka ka bolela letho sephiring. 21 O mpotsetsang? Botsa ba utlwileng seo ke ba boleletseng sona; ke bona ba tsebang seo ke se boletseng. 22 Eitse hobane a rialo, e mong wa bahlanka ya emeng moo a otla Jesu ka thupa, a re: Na o araba moprista e moholo jwalo na? 23 Jesu a mo araba, a re: Ha ke buile hampe, bolela bobe ba ka; empa ha ke buile hantle, o nkotlelang na? 24 Anna a ntoo mo romela, a ntse a tlamilwe, ho Kaiafa, moprista e moholo. 25 Haele Simone Petrose, o ne a ntse a eme moo, a ikomositse. Yaba ba re ho yena: Ha o morutuwa e mong wa hae le wena na? A latola, a re: Ha ke yena. 26 E mong wa bahlanka ba moprista e moholo, e leng wa habo eo Petrose a mo kgaotseng tsebe, a re ho yena: Na ha ke a ka ka o bona le yena tshimong eo na? 27 Empa Petrose a boela a latola; yaba mokoko o se o lla.

Jesu o iswa ha Pilato. — Bahlabani ba mo soma. — Pilato o neela Jesu lefu.

28 Jwale, ba tloha ho Kaiafa; ba isa Jesu kgotla; e ne e le kameso; empa bona ha ba ka ba kena kgotla ka sebele sa bona, hore ba tle ba se ke ba itshilafatsa, ba tle ba tsebe ho ja Paseka. 29 Ka baka leo, Pilato a tswela ho bona, a re: Na le qosa motho eo ka dife? 30 Ba araba, ba re ho yena: Hoja enwa hase sesenyi, re ka be re sa ka ra o neela yena. 31 Pilato a re ho bona: Mo nkeng e le lona, le mo ahlole ka molao wa lona. Bajuda ba re ho yena: Ha re a dumellwa ho bolaya motho. 32 Ya eba hore polelo e boletsweng ke Jesu e etsahale, eo a lekantseng ka yona mofuta wa lefu leo a tla shwa ka lona. 33 Yaba Pilato o boela a kena kgotla, a bitsa Jesu, a re ho yena: A o morena wa Bajuda na? 34 Jesu a mo araba, a re: Hleka o iqalla taba eo o nnotshi, kapa na ba bang ba o boleletse yona hodima ka na? 35 Pilato a araba, a re: Na ke Mojuda, na? Setjhaba sa heno le baprista ba baholo ba o neetse nna; o entseng? 36 Jesu a araba, a re: Mmuso wa ka ha o tswe lefatsheng lena; hoja mmuso wa ka o tswa lefatsheng lena, bahlanka ba ka ba ka be ba ntwanela, ke tle ke se ke ka neelwa Bajuda; empa jwale, mmuso wa ka hase wa mona. 37 Pilato a re ho yena: Ke ho re, o morena na? Jesu a mo araba, a re: O a bolela, ke morena; ke tswaletswe hona, mme ke tletse hona lefatsheng, ke tle ke pake nnete. E mong le e mong eo e leng wa nnete, o utlwa lentswe la ka. 38 Pilato a re ho yena: Nnete ke eng? Eitse hobane a rialo, a boela a tswela ho Bajuda, a re ho bona: Haele nna, ha ke bone molato ho yena, leha o le mong. 39 Empa le na le mokgwa wa hore ke le lokollele motho mohla Paseka; na le rata hore ke le lokollele morena wa Bajuda na? 40 Ba boela ba howa bohle, ba re: E seng yena; e mpe e be Barabase. Athe Barabase e ne e le sesenyi.

Johanne 19

1 Jwale, Pilato a nka Jesu, a mo shapa. 2 Bahlabani ba loha mofapahlooho wa meutlwa, ba mo rwesa wona hloohong; ba mo apesa le kobo ya purepera; 3 ba ntoo mo atamela, ba re: Dumela, morena wa Bajuda! Hape ba ne ba mo otla ka thupa. 4 Yaba Pilato o boela a tswela ntle, mme a re ho bona: Bonang, ke mo ntshetsa ntle ho lona, le tle le tsebe hobane ha ke fumane molato ho yena, leha o le mong. 5 Mme Jesu a tswela ntle a le jwalo, a rwetse mofapahlooho wa meutlwa, a apere kobo ya purepera. Pilato a re ho bona: Bonang, motho ke enwa. 6 Empa baprista ba baholo le bahlanka, yare ha ba mmona, ba howa, ba re: Mo thakgise! mo thakgise! Pilato a re ho bona: Mo nkeng e le lona, le mo thakgise; hobane nna ha ke fumane molato ho yena. 7 Bajuda ba mo araba, ba re: Re na le molao, mme ka molao wa rona o lokelwa ke ho shwa, hobane o ikentse Mora wa Modimo. 8 Pilato ha a utlwa polelo eo, a eketsa ho tshaba. 9 A boela a kena kgotla, a re ho Jesu: O wa hokae na? Empa Jesu ha a ka a mo nea karabo. 10 Pilato a re ho yena: Na ha o bue le nna keng? Na ha o tsebe hobane ke na le matla a ho o thakgisa, le matla a ho o lokolla? 11 Jesu a araba, a re: O ka be o se na matla ho nna le hanyenyane, hojane ha o a a newa a etswa hodimo; ka baka leo, ya nneetseng wena o na le sebe se fetisang. 12 Jwale, Pilato a batla kamoo a ka mo lokollang kateng; empa Bajuda ba howa, ba re: Ha o lokolla enwa, ha o motswalle wa Sesare; e mong le e mong ya ipeang morena, o hana Sesare. 13 Eitse ha Pilato a utlwa taba eo, a ntshetsa Jesu ntle, mme a dula setulong sa kahlolo, nqalong e bitswang Letlapa, ka Seheberu ke Gabatha. 14 E ne e le letsatsi la ho hlekela Paseka, hora yona e batlile ho ba ya botshelela. Pilato a re ho Bajuda: Bonang, morena wa lona ke eo! 15 Empa ba howa, ba re: Mo tlose, mo tlose, mo thakgise! Pilato a re ho bona: Ke thakgise morena wa lona na? Baprista ba baholo ba araba, ba re: Ha re na morena, haese Sesare. 16 Yaba o ba neela yena, hore ba mo thakgise. Mme ba tshwara Jesu, ba ya le yena.

Jesu o a thakgiswa.

17 Yaba o tswa a jere sefapano sa hae, mme a tla nqalong e bitswang Lehata, eo, ka Seheberu, ho thweng, ke Golgotha. 18 Ba mo thakgisa hona moo, a ena le ba bang ba babedi, e mong ka letsohong la hae le letona, e mong ka ho le letshehadi, Jesu yena a le hare. 19 Pilato a ngola lengolo, a le maneha hodimo sefapanong; ho ne ho ngodilwe hona: Jesu wa Nasaretha, morena wa Bajuda. 20 Bajuda ba bangata ba bala lengolo leo, hobane nqalo eo Jesu a thakgisitsweng ho yona e ne e le haufi le motse; hape, le ne le ngodilwe ka Seheberu, ka Segerike, le ka Selatine. 21 Yaba baprista ba baholo ba Bajuda ba re ho Pilato: Se ngole: Morena wa Bajuda; o mpe o ngole hore ke yena ya itseng: Ke nna morena wa Bajuda. 22 Pilato a araba, a re: Seo ke se ngodileng, ke se ngodile. 23 Jwale bahlabani, hobane ba thakgise Jesu, ba nka diaparo tsa hae, ba di etsa karolo tse nne, hore mohlabani e mong le e mong a be le ya hae; ba nka le yona kobo; kobo eo e ne e se na moroko, e lohilwe e teane kahohle. 24 Yaba ba bolellana, ba re: A re se ke ra e hahola, re mpe re e laole ka lotho, hore re tle re tsebe hobane e tla ba ya mang. Ya eba hore ho etsahale Lengolo le itseng: Ba arolelane diaparo tsa ka, mme ba laotse kobo ya ka ka lotho. Bahlabani ba fela ba etsa jwalo. 25 Mma Jesu, le ngwanabo mmae, le Maria, mohatsa Kleopa, le Maria Magdalena, ba ne ba eme pela sefapano sa Jesu. 26 Jesu ha a bona mmae le morutuwa eo a mo ratang a bapile le yena, a re ho mmae: Mosadi, bona, mora wa hao ke eo. 27 A ntoo re ho morutuwa: Bona, mmao ke eo. Ka nako yona eo, morutuwa eo a mo nkela ka tlung ha hae. 28 Taba tseo ha di fetile, Jesu, ka ho tseba hobane taba tsohle di se di phethehile, a re: Ke nyorilwe; e le hore Lengolo le phethehe. 29 Nkgo e tletseng asene e ne e le teng moo; ba tlatsa seponse ka asene, mme ba se thatela thupeng ya hisopa, ba se isa molomong wa hae. 30 Eitse hobane Jesu a nke asene, a re: Ho phethehile. Yaba o kebisa hlooho, a neela moya. 31 Bajuda ba rapela Pilato hore ba thakgisitsweng ba rojwe meomo, mme ba tloswe, hore ditopo di se ke tsa sala difapanong ka Sabatha, hobane ho ne ho hlekelwa yona, mme tsatsi leo la Sabatha e ne e le le leholo. 32 Yaba bahlabani ba tla, ba roba meomo ya wa pele, le ya e mong ya thakgisitsweng le yena. 33 Eitse ha ba etla ho Jesu, hobane ba bone hore o se a shwele, ba se ke ba mo roba meomo. 34 Empa e mong wa bahlabani a mo hlaba lehlakore ka lerumo, yaba madi le metsi a phakisa a tswa ho lona. 35 Ya boneng o pakile; bopaki ba hae ke ba nnete; o tseba hobane o bolela nnete, hore le lona le tle le dumele. 36 Hobane taba tseo di hlahile, hore Lengolo le etsahale le reng: Ha ho lesapo la hae le tlang ho rojwa. 37 Hape, lengolo le leng le re: Ba tla bona eo ba mo hlabileng. 38 Kamora tseo, Josefa wa Arimathea, e neng e le morutuwa wa Jesu, a mpa a ipatile ka baka la ho tshaba Bajuda, a kopa ho Pilato, hore a dumellwe ho nka setopo sa Jesu; mme Pilato a mo dumella. Yaba o ya, a tlosa setopo sa Jesu. 39 Nikodema ya neng a tlile pele ho Jesu bosiu, le yena a tla, a jere mira le alooe tse tswakanntsweng, boima ba tsona bo batlile bo etsa ponto tse lekgolo. 40 Ba nka setopo sa Jesu, ba se phuthela ka masela hammoho le dinoko, ka mokgwa oo Bajuda ba epelang ka wona. 41 Nqalong eo, moo a neng a thakgisitswe, serapa se ne se le teng; serapeng seo lebitla le ne le le teng, le letjha, moo ho neng ho eso ho patwe motho. 42 Ba bea Jesu hona teng, hobane ho ne ho hlekelwa Sabatha ya Bajuda, le kahobane lebitla le ne le le haufi.

Johanne 20

Tsoho ya Jesu.

1 Ka tsatsi le qalang veke, Maria Magdalena a ya lebitleng e sa le ka meso, ho sa le lerotho; mme a bona hobane lejwe le tlositswe lebitleng. 2 Yaba o matha, a tla ho Simone Petrose, le ho morutuwa e mong ya ratwang ke Jesu, a re ho bona: Ba tlositse Morena lebitleng, mme ha re tsebe moo ba mmeileng teng. 3 Yaba Petrose o tloha le morutuwa e mong, ba ya lebitleng. 4 Ba ne ba matha hammoho ba babedi; mme morutuwa e mong a siya Petrose, a fihla pele lebitleng; 5 ha a inama ho nyarela, a bona masela a beilwe fatshe; empa a se ke a kena. 6 Simone Petrose, ya neng a mo latela, le yena a fihla, a ba a kena lebitleng, a bona masela a beilwe fatshe. 7 Lesela le neng le beilwe hodima hlooho ya hae le ne le sa bewa le masela a mang, empa le ne le phuthilwe, le beilwe kathoko le nnotshi. 8 Morutuwa e mong ya neng a fihlile pele lebitleng, le yena a kena, a bona, mme a dumela. 9 Hobane ba ne ba eso ho utlwisise Lengolo le bolelang hore Kreste e ka kgona a tsohe bafung. 10 Barutuwa ba ntoo kgutlela hae. 11 Haele Maria, a nna a ema kantle pela lebitla, a ntse a lla; a re a sa lla, a inama ho nyarela lebitleng. 12 Yaba o bona mangeloi a mabedi a apereng bosweu, a dutse, le leng le le hloohong, le leng le le maotong, moo setopo sa Jesu se neng se robaditswe teng. 13 A re ho yena: Mosadi, o llelang? A re ho wona: Ke kahobane ba tlositse Morena ka, mme ha ke tsebe moo ba mmeileng teng. 14 Yare hobane a bue jwalo, a reteleha, a bona Jesu a eme; empa o ne a sa tsebe hobane ke yena Jesu. 15 Jesu a re ho yena: Mosadi, o llelang? O batla mang? Yena, ka ho lekanya hore ke molemi wa tshimo, a re ho yena: Monghadi, ha ekaba ke wena o mo tlositseng, mpolelle moo o mmeileng teng, ke tle ke ye, ke mo nke. 16 Jesu a re ho yena Maria! Yena a reteleha, a re ho yena: Rabuni! — ka seheberu ke ho re moruti. — 17 Jesu a re ho yena: Se nkame, hobane ha ke eso ho nyolohele ho Ntate; o mpe o ye ho banabeso, o re ho bona: Ke nyolohela ho Ntate, e leng le Ntata lona, ho Modimo wa ka, e leng le Modimo wa lona. 18 Maria Magdalena a tla, a bolella barutuwa hore o bone Morena, le hore o mmoleletse taba tseo. 19 Ka mantsiboya a letsatsi leo, e leng le qalang veke, menyako ha e ne e kwetswe ya moo barutuwa ba neng ba phuthehile teng, ka baka la ho tshaba Bajuda, Jesu a hlaha, a ema hara bona, a re ho bona: Kgotso e be le lona! 20 Yare hobane a bue jwalo, a ba bontsha matsoho le lehlakore la hae. Yaba barutuwa ba thaba, ha ba bona Morena. 21 Jesu a boela a re ho bona: Kgotso e be le lona! Jwalokaha Ntate a nthomile, le nna ke le roma jwalo. 22 Eitse hobane a bue jwalo, a budulela ho bona, a re: Amohelang Moya o Halalelang! 23 Bao le tla ba tshwarela dibe, ba tla tshwarelwa tsona; bao le tla ba balla dibe, ba tla ballwa tsona. 24 Thomase, ya bitswang Didima, e mong wa ba leshome le metso e mmedi, o ne a le siyo ho bona, ha Jesu a etla. 25 Barutuwa ba bang ba re ho yena: Re bone Morena. A mpa a re ho bona: Ekare ha ke sa bone maqeba a dithakgisa matsohong a hae, ka kenya monwana wa ka maqebeng a dithakgisa, ka kenya le letsoho la ka lehlakoreng la hae, nke ke ka dumela. 26 Eitse ha ditshiu tse robileng meno e le mmedi di fetile, barutuwa ba hae ba ne ba boetse ba le tlung, le Thomase a ena le bona. Yaba Jesu o a hlaha, menyako e ntse e kwetswe, a ema hara bona, a re: Kgotso e be le lona! 27 A ntoo re ho Thomase: Tlisa monwana wa hao mona, mme o tadime diatla tsa ka; ntsha letsoho la hao, o le kenye lehlakoreng la ka, mme o se ke wa ba ya sa dumeleng, o mpe o be ya dumelang. 28 Thomase a araba, a re ho yena: Morena wa ka le Modimo wa ka! 29 Jesu a re ho yena: Kahobane o mpone, Thomase, o dumetse. Ho lehlohonolo ba dumetseng, leha ba sa ka ba bona.

Qetello ya ditaba.

30 Jesu a etsa mehlolo e meng e mengata pontsheng ya barutuwa ba hae, e sa ngolwang bukeng ena. 31 Empa eo e ngodilwe hore le tle le dumele hobane Jesu ke Kreste, Mora wa Modimo, le hore, ka ho dumela, le be le bophelo ka lebitso la hae.

Johanne 21

Jesu o hlaha ho barutuwa ba hae lewatleng la Tiberiase.

1 Kamora tseo, Jesu a boela a ipontsha ho barutuwa ba hae pela lewatle la Tiberiase; a ipontsha ka mokgwa ona: 2 Simone Petrose, le Thomase, ya bitswang Didima, le Nathanaele, wa Kana wa Galelea, le bara ba Sebedea, le barutuwa ba hae ba bang ba babedi ba ne ba le hammoho. 3 Simone Petrose a re ho bona: Ke ya tshwasa dihlapi. Ba re ho yena: Le rona re ya le wena. Yaba ba ya, ba kena sekepaneng; empa ha ba ka ba tshwasa letho bosiung boo. 4 Eitse kameso, Jesu a tshoha a ema lebopong; empa barutuwa ba ne ba sa tsebe hobane ke Jesu. 5 Yaba Jesu o re ho bona: Bana, na ha le na se ka jewang na? Ba mo araba, ba re: Tjhe. 6 Yaba o re ho bona: Akgelang letlowa pela lehlakore le letona la sekepana, mme le tla di bona. Yaba ba le akgela, mme ba sitwa ho le hula ka baka la bongata ba dihlapi. 7 Morutuwa ya ratwang ke Jesu a re ho Petrose: Ke Morena. Yare ha Simone Petrose a utlwa hoba ke Morena, a apara kojwana ya hae, hobane o ne a hlobotse, mme a itihela lewatleng. 8 Barutuwa ba bang ba tla le sekepana, ba ntse ba hula letlowa le dihlapi; hobane ba ne ba se hole le lefatshe, ditswe di ne di ka ba makgolo a mabedi. 9 Eitse hobane ba fihle lebopong, ba bona mashala a hlenneng, dihlapi di beilwe hodima wona, le bohobe. 10 Jesu a re ho lona: Tlisang dihlapi tse ding tsa tseo le sa tswa di tshwasa. 11 Simone Petrose a kena sekepaneng, a hulela letlowa fatshe, le tletse dihlapi tse kgolo tse lekgolo le mashome a mahlano a metso e meraro; mme leha di ne di le kalo, letlowa ha le a ka la hahoha. 12 Jesu a re ho bona: Tloong, le je. Mme ho ne ho se e mong ho barutuwa ba hae ya betang pelo ho mmotsa hore: O mang? Hobane ba ne ba tseba hobane ke Morena. 13 Yaba Jesu o tla, a nka bohobe, a ba nea bona, le dihlapi jwalo. 14 Leo e ne e se e le la boraro leo Jesu a ipontshitseng ho barutuwa ba hae, hobane a tsohe bafung. 15 Yare hobane ba qete ho ya, Jesu a re ho Simone Petrose: Simone, mora Jona, a o nthata haholo ho fetisa bana na? A re ho yena: E, Morena, o tseba hoba ke a o rata. Jesu a re ho yena: Alosa dikonyana tsa ka. 16 A re ho yena la bobedi: Simone, mora Jona, a o a nthata na? A re ho yena: E, Morena, o tseba hoba ke a o rata. Jesu a re ho yena: Disa dinku tsa ka. 17 A ba a re ho yena la boraro: Simone, mora Jona, a o a nthata na? Petrose a swaba ke hobane a bile a mmotsa la boraro, a re: A o a nthata na? A re ho yena: Morena, o tseba tsohle; o tseba hoba ke a o rata. Jesu a re ho yena: Alosa dinku tsa ka. 18 Kannetenete ke re ho wena: Enereha o sa le motjha, o ne o itlama o nnotshi, o itsamaela moo o ratang teng; empa etlare hobane o tsofale, o tla otlolla matsoho a hao, mme e mong o tla o tlama, a o ise moo o sa rateng teng. 19 O ne a rialo a lekanya mofuta wa lefu leo Petrose a tla tlotlisa Modimo ka lona. Yare hobane Jesu a bolele tseo, a re ho yena: Ntatele! 20 Petrose ha a reteleha, a bona morutuwa ya ratwang ke Jesu a latetse; ke yena ya neng a itshetlehile sefubeng sa hae mohla selallo, a re: Morena, ke mang ya tla o eka? 21 Yare Petrose ha a mmona, a re ho Jesu: Morena, ho tla ba jwang ho eo? 22 Jesu a re ho yena: Ekare ha ke rata hore a dule ke be ke tle, e ka ba eng ho wena? Wena, ntatele. 23 Kahoo, polelo ena ya nna ya tsamaya hara baena e reng, morutuwa eo ha a ka ke a shwa. Empa Jesu o ne a sa ka a mmolella hore yena a ke ke a shwa; empa o ne a itse: Ekare ha ke rata hore a dule ke be ke tle, e ka ba eng ho wena? 24 Morutuwa eo ke yena ya pakang taba tseo, ya di ngodileng; mme re tseba hobane bopaki ba hae ke ba nnete. 25 Taba tse ding di sa le teng tse ngata, tseo Jesu a di entseng. Hojane di ka ngolwa ka bonngwe, ke lekanya hore le lona lefatshe le be le ke ke la lekana dibuka tse ka ngolwang.